Wednesday, April 30, 2008

TLOO, MORENA JESU!

1064 - Sesotho

Tshenolo 22:20

"Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse." - Luka 21:28

TLOO, MORENA JESU!

Kreste:

"Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng." - Johanne 14:3

Lengeloi:

"Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona." - Diketso 1:11

Baapostola Pauluse:

"Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla." - I baThesalonika 4:16,17

TLOO, MORENA JESU!

"Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha." - Daniele 12:4

"Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona; mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong. Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao." - II Timothea 4:3-5

"Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata. Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo. Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi. Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka. Ke moo ba bangata ba tla kgopjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana. Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata. Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo. Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha. Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang." - Mattheu 24:5-14; (Mareka 13:22; Luka 21:25-28)

"Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa. Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane, le se ke la dumela. Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang. Bonang, ke le boleletse pele, ditaba di eso ho hlahe. Ka baka leo, ha ba re ho lona: Bonang, o nahathothe, le se ke la tswela teng; kapa ha ba re: Bonang, o phaposing ya ntlo, le se ke la dumela. Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mee le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo. Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng. Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha. Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo. O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe." - Mattheu 24:22-31

"Tseba hobane mehleng ya qetello ho tla hlaha dinako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo; ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle. Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata, ba ithutang kamehla, empa e le ba sitwang ho fihla tsebong ya nnete le ka mohla o le mong." - II Timothea 3:1-7

"Le ntse le tseba haholoholo hobane, mehleng ya morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaya ka ditakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? ... Feela baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng. Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong. Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona. Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi; le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!" - II Petrose 3:3-12

"Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa. Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha. Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu." I baThesalonika 5:1-4

"Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho; ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo." - II baThesalonika 2:3,4

"Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata. Ba rapela drakone (satane) kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona? Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi. Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng lehodimong. Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle. Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa." Tshenolo 13:3-8

"Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tse konyana, (Kreste) se mpa se bua jwaloka drakone. (satane) Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Hape, sa etsa mehlolo e moholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho. Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho. Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba banang ho kgumamela setshwantsho sa sebata. Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona; le hore ho se be motho ya ka tsebang ho reka, leha e le ho rekisa, ha a se na letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona. Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng." (666) - Tshenolo 13:11-18

"Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae. (Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.) Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona. Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole." - Tshenolo 19:19-21

"Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata. Tsebang Moya wa Modimo ka hona: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo; mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng, hase wa Modimo; ke wona moya wa antikreste, eo le mo utlwileng hobane o ya tla, mme le jwale o se a le lefatsheng." -I Johanne 4:1-3

"Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. ... Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang." - Mattheu 24:42-44

"Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao ba? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo." - Mattheu 7:21-23

"Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona. Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae. Lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo; ke lona lefu la bobedi. Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo." - Tshenolo 20:12-15

No comments: