Wednesday, April 30, 2008

KEREKE KAHARE HO BEIBELE

2748 - Sesotho

1. Ho hlaloswang ka lentswe "kereke" jwale ka ha e sebediswa kahare ho Beibele?

A. Ho ya ka lentswe la segirike "ekklesia" moo re le fetoletseng ho senyesemane e leng kereke ("church") le bolela "phutheho e bitsitsweng."

B. Le sebediswa ka kakaretso ka tsela ya ho bolela e nngwe le e nngwe phutheho e bitseditsweng kantle ka sepheo se seng le se seng. Sena se hlaloswa ho Diketsaia; 23-41. "Ekklesia" e sebediswa makgetlo a mararo, e lenngwe ho temana ya 32, "tse king he di hlalosa ntho e le nngwe, hape tse ding bakeng la phutheho (kapa ekklesia) di ne di kopane." Mona lentswe lena le hlalosa phutheho ya silversmith le monna wa mosebetsi o tshwanang. Sheba temana ya 25. E boela e sebediswa hape temaneng ya 39, "Ekare ha le ena le taba e nngwe eo le e tsekang, e ka ahlowa phuthehong e nang le tshwanelo. (kapa ekklesia)". Mona e hlaloswa ho tulo ya moao ya Bagerike ya boraro e fumanwe temaneng ya 41, " Yare hobane a bolele taba tseo, a kgutlisa batho, kapa phutheho (ekklesia)." Sena se hlalosa ho yona phutheho e tshwaneng le ya temana ya 32. Tshebediso kapa hlaloso ka kakaretso e fumanwa hape ho Diketso 7:38, "ke yena ya kileng a ba phuthehong feeleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata bona moholo." E bolela phutheho ya bana ba Iseraele, ba ntshitsweng Egepeta.

C. Jesu o nka lentswe lena ka kakaretso a le sebedisa ho sehlotshwana se itseng kapa phutheho, a e bitsa "ekklesia, kapa phutheho, kapa kereke ya hae." Sena se fumanwa bukeng ya Mattheu 16:18. "Kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka (kapa ekklesia)" O ne a batlile a ka re "Ke tla bitsa phutheho ya ka."

2. Ke bomang balatedi ba Kereke Beibeleng?

Bohle ba pholositsweng. Pholoso le setho sa kereke di a tshwana beibeleng. Sena se fumanwa e le nnete ka ho bala Diketso 2:47... "Ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna a e ketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang." Ke moo re bonang hore ka yona nako eo batho ba ne ba bolokeha, Morena o ne a ba eketsa kahare ho kereke. Kgaolo e re batho ba ne ba bolokeha tsatsi le leng le le leng, ke ka hoo batho ba neng ba eketswa ke Morena ka kerekeng. Kopanya Diketso 5:14 le Baefese 1:22-23 moo nnete e fumanehang.

3. Ke bomang balatedi ba pele ba Kereke Beibeleng?

Karabo e nngwe fela, ke hore "Bohle batho ba ileng ba bolokeha pele." Bukeng ya Diketso, kgaolo ya bobedi re kopana le batho ba pele ba ileng ba pholoswa lefatsheng ka baka la madi a ileng a tshollwa a kreste dibeng tsa bona (Diketso 2:14-47). Ke mona kreste pele a ileng a "bitsa" phutheho ya hae, e ne a na le meya e dikete tse tharo. Batho bana ba ile ba "bitswa" ke kreste jwale a buwa molaetsa wa evangeli ka Baapostola. Batho bana ba ileng ba bitswa e ne e le "phutheho ya hae" "Kapa kereke ya hae" Ka nnete e tletseng, hobane ba ile ba patallwa ka madi a hae a ileng a tshollwa matsatsi a mmalwa pele ho moo. Ho ne ho sena motho ya neng a ka ikamahanya le Kresete pele ho nako ena, hobane molato o ne o e so ka o patalwa ho fihlela sefapanong.

Ho arabeng potso ka botlalo: Ke eng kapa ke mang a entseng kereke eo Jesu a e tshepisitseng?

Karabo: Bakreste.

Ke eng se etsang Bakreste?

Karabo: Evangeli. Baroma 1:16 "Hobane ha ke na dihlong tsaho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ye dumelang." 1 Bakorinthe 15:1-2a "Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisentsang ho yona, eo le pholohang ka yona."

Ke eng dintlha tsa evangeli tse pholosang moya, kapa "ditaba tse molelo?"

Karabo: Lefu, lepato, hape le tsoho ya kreste. 1 Bakorinthe 15:3-5 "Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke hore, kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo mangolo a bolelang kateng."

Ke ne neng dintlha tsena di ileng tsa bolelwa pele?

Karabo: Letsatsing la pele la pentekonta motseng wa Jerusalema, matsatsi a mashome a mahlano kamorao hore le be teng. Bala Diketso kgaolo ya bobedi.

Ke eng seo batho bana ba dikete tse tharo ba ileng ba utlwa lentswe ba e ba sona?

Karabo: Bakreste ba pele lefatsheng.

Hammoho e le phutheho, ke eng seo Bakreste bana ba ileng ba se aha?

Karabo: Kereke eo Jesu a e tshepisitseng bukeng ya Matthew 16:18.

4. Ke eng se neng se hlokwa ho bolokeha, le ho sireletsa ditho tsa Kereke Beibeleng?

A. Ba utlwile evangeli. Diketso 2:14-37. "Eitse ha ba utlwe hoo...

B. Ba dumetse evangeli. Diketso 2:37b "Ba hlajwa dipelo"

C. Ba bolelletswe ho sokoloha dibeng. Diketso 2:38a "sokolohang."

D. Badumedi bohle ba ne ba tshwanela ho bolela tumelo ya bona. Baroma 10:9-10 " Hobane motho o dumela ka pelo hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe."

E. Ba ile ba bolellwa ho kolobetswa bakang la tshwarelo ya dibe tsa bona ho amohela mpho ya Moya o Halalelang. "Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang." (Diketso 2:38).

F. Hodima boikokobetso ba bona mehatong e hlalositsweng, ba ile ba pholoswa, mme bohle ba etsa "ekklesia" kapa kereke eo Jesu a e tshepisitseng ho Mattheu 16:18.

5. Ke mosebetsi ofe oo Kereke Beibeleng e o entseng ho saleng hlaho ya yona?

Ho tswa ditshotlehong tsa kereke Jerusalema e ile ya arohana ka dikarolwana tse ngata tsa baetapele ba Baroma (Roman Empires,) empa ba ile ba ya "hohle ba bolela lentswe" (Diketso 8:1-4). Diphutheho di ile tsa botjwa metseng e mengata ya Roma. Hona ho ile ha phethahatswa ho tswa baboleding ba evangeli mesebetsing ya Baapostola Paulose le ba bang. Pale ya mosebetsi ona e ka balwa bukeng ya Diketso.

6. Ke mang hlooho ya Kereke Beibeleng?

Kreste ke yena hlooho ya kereke, lefatsheng le dikerekeng. Ho Baefese 1:22-33 re fumana. "Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle. Kereke e leng mmele wa hae, le phetho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle" Kreste o ne a filwe "matla ohle." (Mattheu 28:18). Ho tsohle kerekeng. "O ile a neewa tsebo ya dintho tsohle". (Bakolose 1:18).

7. Ke bomang baetapele ba Kereke Beibeleng?

A. Qalong ho ne ho ena le baetapele ba bahlano! Baapostola, Baaprofeta, baboledi ba Evangeli, baholo le Badikone. (Baefese 4:11) "Mme a boela a nea ba bang ho ba Baapostola, ba bang Baporofeta; mme ba bang Baevangeli; ba bang badisa le baruti" Bukeng ya Bafilipi 1:1 re hlalositse mosebetsi wa balebedi. Sena se boela se fumanwa bukeng ya I Timothea 3:3-13.

B. Mesebetsi ya pele e mmedi, Baapostola le Baporofeta, ba ne ba le teng empa nakonyana e kgatshwangene feela. Ba ne ba tsamaya ka mesebetsi ya bona e phethehile. Nnete ena e tswa ditjhebehong tse pedi: (1) Ho tswa bokgoning ba bona. Baapostola: Diketso 1:22-23. Luke 6:13. Baprofeta: I Bakoninthe 12:10 (2) Ho tswa mesebetsing ya bona. Baapostola: Luke 24:46-48. Diketso 1:8, 22b; Mattheu 16:19; Mattheu 18:18. Baprofeta: I Bakorinthe 14:29-33; Baefese 3:5; I Bakorinthe 13:8-10

C. Mesebetsi e meng e meraro e latelang ya Boevangeli baholo le batekone ke ba leng teng ba neilweng mosebetsi ka dinako tsohle ka kerekeng Beibeleng. Hona ke mesebetsi eo Modimo a e neileng bakeng ya tsela ya kereke. Modimo ha a lebala ketelopele ya kereke ho ya ka bohlale le kelello ya motho, empa o re neile tsela ya hae ho tswa lentsweng la hae le re tiisang mosebetsing o motle. II Timothea 3:16-17. Hlokomela: mantswe "Moruti" le "moholo" e hlalosa mosebetsi o ntseng o tshwana. Bala Tite 1:5-7 le Diketso 20:17-18. Hlokomela le ho feta: Mosebetsi wa Moruti o ne o etswa ke "moholo" kerekeng ya kgale.

8. Ke mofuta ofe wa mmuso oo Kereke Bibeleng o nehelaneng ka ona?

Mmuso o bohlokwa phuthehong, empa ke thuso ya baholo ho thibela pherekano ya mosebetsi. Phutheho e a bitswa ha yona ka boholo e kopana le mathata mosebetsing o mong le o mong eo e o nkang; kapa Puso ya baholo e a sebediswa ho busa mmele, diqeto tsa bona di nkilwe ke hlooho ya kereke, kreste Jesu. Ithute hantle ditemana tse latelang: Diketso 6:1-6; 13:1-3; I Bakorinthe 5:4-5; II Bakorinthe 8:19; Diketso 11:30; 20:17; 21:17-18.

9 Kereke Beibeleng e ne e hlahisa thoriso ya yona ke mokgwa o jwang?

Ka ho tswella le "Baapostola dithutong tsa bona, Kopanong, selallong, le dithapelong" (Diketso 2:42). Ka ho bua ho e mong ka e mong ka dipesalema le difela le dipina tsa moya, ho bina le ho etsa meretheto ka dipelo tsa bona modimong wa bona. Baefese 5:19; Bakolose 3:16; Kopanya Diketso 20:7; le Baheberu 10:25.

10. Ho etsahalang ka kopano ya Kereke Beibeleng?

E "nngwe" feela kereke e hlaloswang Testamenteng e ntjha. Bonngwe ba yona bo ka bonwa ka mantswe ana a hlahlamang:

E hlaloswa e le mmele o le mong. (Baefese 1:22-23 le I Bakorinthe 12:13); e bitswa setlamo se le seng, kapa bongata (Johanne 10:16); e tshwantshiswa jwaleka "Mmuso" Mmuso o le mong. (Mattheu 16:19); E bitswa "tsela", tsela "e le nngwe". (Diketso 9:2). E bitswa "mohaho wa Modimo", mohaho o le mong. (I Bakorinthe 3:9); E bitswa "ntlo ya semoya"), ntlo e le nngwe. (I Petrose 2"5); E bitswa "kereke", Kereke e le nngwe. (Mattheu 16:18); karolo e nngwe le e nngwe ya mmele ona e ile ya fediswa ya boela ya lokiswa. (I Bakorinthe 1:10-13 le Baroma 16:17-18).

11. Ke mabitso a fe a ileng a rewa bonngwe, le ho kereke?

A. Ho ne ho e na le mefuta e fapaneng ya mabitso a neilweng boinnotshi ba Bakreste, le leng le le leng le ena le hlaloso ya lona. Ke ana a mang a ona: "Barutuwa", (Diketso 6:1), ho bolelang "Baithuti": "Bahalaledi", (Diketso 9:13), se lebisang bothong ba Bokreste: "Bana ba Modimo", (Diketso 6:3) ho lebisang kopanong ya badumedi ho e mong ka e mong: "Bakreste (Diketso 11:26), se a supang boitshetlehi ba rona, e leng bang ba Kreste."

B. Ho ne ho ena le mabitso a kopanang a sebediswang ho kopaneng ha mmele wa kereke. Ke ana a mang a ona: "kereke", (Diketso 9:31): "Kereke ya Modimo," (I Bakorinthe 1:2): "kereke ya letsibolo", (Baheberu 12:28) "Dikereke tsa kreste", (Baroma 16:16) : "Dikereke tsa bahalaledi," (I Bakorinthe 14:33).

Hlokomela : Mantswe ana ohle a beilwe ka tlasa tsela ya Moya o Halalelang. Jwale, ka bao ba ratang ho hlompha Modimo, re tla sebedisa Mabitso ao a re neileng ona ha re a lebisa ho bonngwe kapa ho kereke.

12. Ke tumelo e fe ya Kereke Beibeleng?

Esale lentswe "tumelo" le bolela, "ke a dumela," hape esale tumelo ena e tsamaelana hantle le pholoso, tumelo ya kereke ya Testamente e ntjha e fumanwe e seng ka mantswe, empa ka motho, motho eo ke Kreste Jesu. "Mme ha ho poloko ho e mong," (Diketso 4:12; le II Timothea 1:12). Ha motho a ne a batla ho bolokeha, o ne a sa botswe ho reka tse ding le tse ding ditumelo tseo batho ba iketseditseng tsona. O ne a bolellwa hore poloko e fumanwa ho Kreste. (Diketso 16:31). O ne a bolellwa hore a ka etsang ho kena polokehong ya Kreste. (Diketso 2:37-38; Bagalata 3:27; Baroma 6:1-4).

13. Ke dikgopotso tsefe tse neng di hlokomelwa ke Kereke Beibeleng?

A. Letsatsi la Morena, letsatsi la pele la beke. Lena e ne e le letsatsi le neng le qheletswe ka thoko ke Kreste ka baka la tsoho ya hae. (Luke 24:1-2); le Johanne 20:26), ka letsatsi lena kereke e ne e kopana ho isa thoriso ya bona Modimong ka Jesu Kreste. (Diketso 20:7, Tshenolo 1:10; le Diketso 2:42) Letsatsi la Pentekonta le ne le le letsatsi la pele le qalang beke.

B. Sellallo sa Morena. Mosebetsi ona a qadilwe ke Jesu (Luka 22:19), ho etsahala kahohle ke bana ba hae. (I Bakorinthe 10:16-17). Se ne se tliswa e le sehopotso sa kopano ya batho ba Modimo, (I Bakorinthe 11:26); hape le ho boloka maphelo a Bakreste, (Johanne 6:53-58, le I Bakorinthe 11:30).

14. Ke Mokgwa ofe wa boitshwaro o fumanwang Beibeleng?

Tsela e le nngwe ya tumele le diketso e ile ya fumanwa ke mantswe ao jwale a hlahelang Testamenteng e ntjha; mantswe a neilweng ke Moyo O Halalelang ho Baapostola. Kereke e ne e buswa yohle ka mantswe a Morena ao ka ona a re tiisang "Kahohlehohle mosebetsing o motle", (II Timothea 3:16-17, le II Petrose 1:3). Ditsela tsa Modimo bakeng la mosebetsi wa kereke one o felletse o phethahetse.

15. Kereke e ne e thuswa jwang katjhelete Beibeleng?

Ka karolo ya leshome le menehelo ya bana ba Modimo.

A. Karolo ya leshome ke leano la Modimo bakeng la ho phahamisa Mosebetsi wa hae. (I Bakorinthe 9:13-014). "Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang be jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na? Sena ke puo ya moprisita wa Testamente ya Kgale ya neng a sebetsa ka tempeleng le pela aletare. Paulose o re ba na le karolo ya bone bakeng la mosebetsi wa bona, le yona karolo eo e e filwe ke batho ho bona e ne e le ya boshome le menehelo. Jwale Paulose o beha thuto ena ho baboledi ba lentswe o hape o re, "Leha ho le jwalo ( kapa ke mokgwa o tshwanang) Morena o hlohonolofaditse (kapa o entse molaoi) hore bao ba bolelang evangeli ba phele ka yona evangeli".

B. Malakia o hlokomedisa kotsi ya ho qhekanyetsa Modimo (Malakia 3:8-10). Jesu o tshwere boshome. (Mattheu 23:23).

C. Jesu o emisa maemo a Testamente ya Kgale, Ha a ka a theola maemo. (Matthew 5:20-22; 27:28; 43-44). Jwale boshome bo tshwametse ho ba tlaase.

16. Ke merero efe ya Kereke Beibeleng.

A. Ho bolela evangeli. (Mareka 16:15; Diketso 8:4). Sena se ne se etswa ke baboledi ba lentswe le ka bonngwe ba bakreste pontsheng le ntlo ntlo. (Diketso 20:20; 5:42; 11:12-15).

B. Ho etsa barutuwa. (Mattheu 28:19a). Hoo e ne e le bo kopanya banna le basadi le ho bao ba bolelang evangeli ho ba etsa "balatedi ba Jesu".

C. Ho kolobetsa batho bao ba tlileng tsebong ya tlhoko ya bona ya pholoso le ho bona Jesu mopholosi wa bona. (Mattheu 28:19b).

D. Ho ruta bona batho bana "mantswe o hle a bophelo bona". (Diketso 5:20; Mattheu 28:20).

E. Batho bana ba ne ba bokana kaofela diphuthehong, le ho ikamahanya le boitshepi le ho dumella motho ho ipusa, ho itlhokomela, le ho eketsa dikereke. (2 Timothea 2:2; Diketso 13:1-4).

No comments: