Wednesday, April 30, 2008

MELAO E LESHOME YA HO PHELA BOPHELO BO ATLEHILENG BA BOKRESTE

1421 - Sesotho

D. DeWelt

MOLAO WA PELE:

Hlokomela hore katleho bophelong ba moKreste e ikamahantse le maikemisetso a moKreste a ho bonahatsa boinehelo ka pelo yohle ho phelela Kreste.


Ba-Filipi 3:13,14. "Banabeso ha e le nna ha ke itekanye hore ke se ke se hapile, empa ke etsa ho le hong feela, ke lebala tse kamarao, mme ke hahamoua ho tse ka-pele ke mathela moo ho lekanntsweng teng, e leng pheo eo se e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste."


Ba-Filipi 2:12b,13. Le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomela, e seng fela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo; Hobane Modimo ke oona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa; ka boithatelo ba oona.


MOLAO WA BOBEDI:


Bala Bibele ka mokgwa wa lenaneho.


A. Bala ka nako e beilweng jwalo matsatsi ohle. (Hoseng ke nako e molemo haholo).


B. Bibele e ka balwa ka mekgwa ena e latelang.

1. Jwaloka Buka- Hoo ke ho bala hantle kaofela ka nako. E mong o ka nna a ghala ka buka ya Johanne kapa ya Diketso).

2. Mokgwa wa sehloho- Ke ho ithuta seo Bibele e se bolelang mabapi le sehloho se beilweng, Jwaloka taba ya lerato, tumelo, ho inehela kapa kereke. Buka ya dihloho kapa ya hlaloso ya mantswe, ke thuso mokgweng ona wa ho ithuta.

3. Mokgwa wa moetsi- Moetsi o wa kgethiwa le hlaloso ya mantswe e ya sebediswa ho o thusa ho fumana ditulo kapa dinaha Bibeleng tseo moetse a hlaloswang ho tsona. Papiso ya Bibele e ka thusa mokgweng ona wa ho ithuta Tshebedisong ya o mong le o mong wa mekgwa ena ho hotle ho hlokomela molemo oo o ofumaneng. O TLA LOKELA HORE O SEBEDISE BOPHELONG BA HAO.


C. Ha o bala Bibele botsa o be o arabe dipotso tsena tse latelang hoya ka serapa se ka tlase.

1. Ke mang ya buang?

2. O buela lebakeng lefe?

3. Nakong efe?

4. Ho buwa le mang?

5. Tlasa maemo afe?

MOLAO WA BORARO:

Thapelo ya ka mehla.

Ba-Filipi 4:4:6 Le seke la belahela letho empa nthong tsohle seo le se batlang le ke le tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.

A. Rapela ka tsela e itseng matsatsi ohle. Ekaba makgetlo a itseng

ka letsatsi; empa le ha e kaba ha kae etsa bonnete ba hore o na le nako e beilweng ya ho rapela, hape o seke wa dumella letho ho ferekanya nako eo. Ba bangata ba felehetsa thapelo ka ho bala Bibele.

B. NETEFATSA dithapelo tsa hao etsa di thapelo tsa hao ka tsela e itseng rapella batho ba itseng kapa dintho tse itseng. Paulosi o ne a buwa ka baKreste Ba-Roma dithapelong tsa hae ha rapella kereke ya Roma. Ba-Roma 1:9. Rapella dintho tsohle, thabo ya hao le mahlomola a hao; hopola hore Modimo o tseba tsohle ka wena o rata ho o thusa dikarolong tsohle tsa bophela ba hao. Lahlela dikhathatso tsa hao ho yena hobane o wa o hlokomela.

C. Rapela ka BOIKOKOBETSO LE BO INEHELO thatong ya Modimo. Ha Modimo a se a senotse thato ya hae lentsweng re katla ka sebete teroneng ya mohau wa hae ditshepisong tsa Modimo mme ra lebella ho. Amohela, empa ha thato ya Modimo e sa senolwa re lokela ho inehela ho yena ya ahlolang ka toka re rapele hore thato ya hae e phethahale, mme re dumele ho amohela thato ya hae ha e se e senotswe.

Thapelo ke phefomoloho ya moKreste o seke wa bipetseha. Ba-Kolose 4:2-6.

MOLAO WA BONE:

Etsa ka matla ho hapela ba bang ho Kriste.

A. Jesu o itse moKreste e mong le mong e tshwanetse hoba kganya ya lefatshe. Mattheu 5:14. Lesedi leo re lokelang ho fana ka lona re loketse ho ruta ka Morena Jesu Kreste lentsweng le ka diketso. Jwaloka tumelo etla ka ho utlwo, le kutlo ka lentswe la Kreste. Ba-Roma 10:17. Ba bang ba keke ba ba le tumelo kapa ba sokoloha ho fihlela le ba tlisetsa lentswe la Kreste. Hona ha se mosebetsi wa bareri fela, Kreste olebeletse wena hore o be le boikarabeloboikakabelo ba hoba lesedi la lefatshe ka tsela ena.

B. Jesu o re MoKreste e mona le mong e tshwanetse hoba "letswai la lefatshe." Mattheu 5:13. Letswai la semoya le tla boloka lefatshe tshenyehong ka thuto ya Morena Jesu Kreste. Thuto ena e lokela hore e tsamaiswe ke ba latedi ba hae. O itse ke letswai la lefatshe; Rona ba nang le dithuto tsena tsa Kreste ka ho fana ka tsona ho ba bang re boloka maphelo a bona tshenyehong; Kreste o lebeletse hore o be le boikarabelo ba hoba letswai la lefatshe ka mokgwa ona.

C. Kerekeng ya Testamente e ncha MoKreste e mong le e mong e ne e le moreri wa lentswe. Diketso 8:4. Ba neng ba qalantswe ba ne ba tsamaya ba bolela lentswe. (BaKreste ba kereke ya Jerusalema) Ba ne ba tsamaya hohle ba rera lentswe. Haeba re tsamaya ka tsela ya Bibele MoKreste e mong le mong o tlamehile hoya ka mohlala wa bapostola ho rera lentswe. Bohle ha bakaba rera mapatlelong kapa dikopanong tsa batho empa ba ikutlwela ba ena le morwalo wa ho hapela e mong ho Kreste.

"Kreste ha ana matsoho empa ke matsoho a rona ho etsa mosebetsi wa hae kajeno. Ha ana maoto empa ke maoto a rona ho etella batho tseleng ya hae; O na le maleme empa ke maleme a rona a tsebisang batho hore o shwele jwang, ha ana thuso empa ke thuso ya rona ho ba thusa lehlakoreng la hae."

MOLAO WA BOHLANO:

Le seke laba le metswalle e mebe.

A. Ha moKreste a batla setswalle sa batho ba babe; Jwaloka lentswe la Modimo le tisitse setswalle sena se tla senya mekgwa ya hae e metle. 1 Ba-Korinthe 15:33.

B. Ha o rata ho hlonolofatswa ke Modimo jwaloka moKreste ya thabileng o seke wa tsamaya mehlaleng ya baetsadibe, kapa wa dula setulong sa ba somi. Dipesaleme 1:1.

C. Hona ho bolele hore o be le mokgwa o fitisisang bo halaledi ho metswalle ya rona ya lefatsheng; Empa re tla buwa, re etse re nahane jwaloka ka baKreste ba inehetseng ka sebele boemo bo tshwanang le bona bo tla ba kgalema Sebeng mme ba tla hapelwa ho mopholosi kapa ba keke ba hlola ba lakatsa Setswalle sa rona. Bala ka hloko Ba-Roma 6:16,17. le Ba-Roma 12:1,2 le 2 Ba-Korinthe 6:14-17.

Hlokomela hore setswalle sa hao se boloke thapelo.

MOLAO WA BOTSHELELA:

Tshepahala hoya ditshebeletsong tsohle tsa kereke.

A. Hopola hore ditshebeletso tsa kereke di tshwanelwa ho o thusa. Lentswe le ya rerwa, dipini di ya binwa, ho kopanelwa tafoleng ya Morena, tshebeletso e fuwa lona bohle; ka tsela eo o sa yeng ka yona kerekeng o hlola lebaka, la ho kopanela kerekeng.

B. Hopola hore Modimo o re kgothatsa lentsweng la hae hore re se ke ra tlohela ho kopanela ha rona mmoho. Jwaleka ho hloleha ho kopanela le kereke ke ho se ikokobeletse lentswe la Modimo. Ba-Heberu 10:25.

C. Hopola ho se kopanele tafoleng ya Morena ka boomo ho etsa hore re fokole, re kule, re be re qetelle re shwele Moyeng. 1 Ba-Korinthe 11:30; Johanne 6:53-58. Ho se natse tafole ya Morena ke ho se latele mohlala wa mapostola. (Diketso 20:7; 2:42). Le ho se ikokobeletse molao o totobetseng wa Morena Jesu. Luka 22:19.

Re keke ra bolela ho rata Kreste mme ra se natse monyaduwa wa hae e leng kereke. Ba-Efese 5:25.

MOLAO WA BOSUPA:

Ikokobeletse molao wa Modimo wa ho fana.

A. Ho ntsha karolo ya leshome ke morero wa Modimo wa ho tshehetsa mosebetsi wa hae. Jwaleka ho ngodilwe ho 1 Ba-Korinthe 9:13,14. "Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ba jela aletareng na? (Mona ho buwa ka ba Prista ba Testament ya kgale ba neng ba sebetse tempeleng le aletareng; Pauluse o re ba na le karolo ya bone ya mosebetsi wa bona; karolo eo ba efilwe ke batho e le boshome le menen helo). Jwale Paulose o ruta thuta ena ho baruti ba evangedi o re Jwale (kapa mokgwa o Jwale) Morena o ile a tlosa (kapa a etsa molao) hore ba bolelang evangedi ba phele ka evangedi.

B. Abrahama o ile a lefa boshome ho Melchizedek. Ka selemo sa 1900 B.C. dilemong tse 400 pele molao o ka bewa Jakobo o ile a lefa boshome ho Modimo ka selemo sa 1800 B.C. nako e ka bang dilemo tse 300 pele ho ka ho ka fanwa ka molao. Jwale re bone hore ke molao wa motheo o hlokomelwang lefatsheng lohle, mme bofelang ho ka. Fediswa ha molao o ne o otlelwa sefapanong; Hobane molao o ne o bolela melao eo e neng e fiwa setjhaba sa Israele. Genese 14:20; Ba-Heberu 7:1-10; Genese 28:22.

C. Jesu o ile a phahamisa maemo ohle a Testamente ya kgale ha a kaba a theola maemo. Mattheu 5:21,22; 5:27,28; 5:43,44; 5:20. Jwale boshome bolokela hore e be bonyane bo re fanang ka bona.

Ha hona pale ya moKreste ya phelang bophelo ba boinnehelo, a fana ka boshome le menehelo ho Modimo, empa a hwnolofatswa ke Modimo ka ho fana. Mme ka ho eketsehileng a kgona ho kopana le ditlolo tsa hae tsohle.

MOLAO WA BOROBEDI:

Hlodisisa kgafetsa meputso eo e leng ya hao Jwaleka Mokreste.

NAHANA FEELA -

A. Modimo o ratile ka ho lekaneng o sa-le mokwinihi hape o sale sera hore a romele mora wa hae bakeng sa pholoso ya hae le thabo. Ra-Roma 5:6,8.

B. Dibe tsa hao tsohle di tshwaretswe. Jwale dipelo tsa rona ditshwanetse ho thaba bakakang ka thabo e sa buweng le kganya e feletseng ho hlokomela nnete e makatsang.

C. Jwale o na le Kreste jwaloka mmuwelli wa hao ho ntate. Jwaleka mmuwelli a ka tshwarela dibe tsa hao ha o sokoloha mme o rapela.

D. O na le mpho e tswang ho Modimo e leng moya o halalelang. O tlang ho dula pelong ya hae Ho tlatsa le ho kgothatsa bophelo ba hao.

E. O leloko la mmele wa Kreste e leng kereke ya hae ka mokgwa oo o na le bana beno le dikgaetsedi tsa hao tse sekete ho Kreste ba leng teng ho thaba le wena, le ho lla le wena hore le matlafale.

Mokreste o ruhile ho feta tekanyo ya batho.

MOLAO WA BOROBONG:

O seke wa felwa ke matla.

A. Hopola mosebetsi wa hao, Mosebetsi o moholo lefatsheng wa Modimo, ho lopollwa ha meya ya bohlokwa eo Jesu a e shwetseng.

B. Hopola Morena wa hao e leng; Morena Jesu Kreste, ka yena Modimo a ka refa dintho tsohle fela. Ba-Roma 8:34. Ha re fokola yena ka matla a hae. Ha re hloka bohlale re ka kopa o tla refa ka ho fitisisa. Jakobo 1:5.

C. Hopola moputso wa hao. Moputso wa mokreste ya sebetsang ka botshepehi ke meya e hapelwang ho Kreste bonnete ba lehodimo.

D. Hopola sera sa hao satane o dutse ka dinako tsohle a lemohile a loketse ho thetsa ngwana Modimo. Tsele engwe fela ya ho hlola satane ke ka thapelo ho ithuta Bibele le ho paka. Atamela ho Modimo ka di tsela tsena mme satane o tla baleha.

Re ka felwa ke matla jwang ha re hopola ho swabiswa ha mopholosi wa rona?

MOLAO WA LESHOME:

Utlwisisa tekanyo ya Modimo ya bophelo.

A. Modimo o lekanya bophelo bona jwaloka leeto la nakwana. Genese 47:9; Petrose 1:11; Ba-Heberu 11:13. Hona ho bolela hore re feta lefatsheng lena tseleng ya rona e yang bophelong bo sa feleng. Ka kgopolo ena dikelelong tsa rona re kaba le tekanya e nyenyane ya dintho tse tshwanang le dintho tse ding tseo metswalle e meng e di ballang e leng tse ratehang.

B. Modimo o rata hore o tsebe hore motho e mong le e mong ya phelang lefatsheng o na le moya o sa feleng o tlang ho phela ka ho sa feleng lehodimong kapa diheleng, Hoya ka hore na ba etsang ka Jesu. Johanne 14:6; Johanne 3:36, Mareka 16:16. Seo ba se etsang ka Jesu ke boikarabelo ba hao. Re be re bale Ezekiele 3:16-21, le Diketso 8:4.

C. Modimo o rata hore o tsebe hore bophelo bo fela jwaloka ka mohudi (Jakobo 4:14) kapa seriti (Moekelesia 6:12) ha re hlokomeleng hore ba keke ba ba letsatsi kapa monyetla o mong wa ho amohela Kreste, hore letsatsi la kajeno ke lona fela leo motho a nang le lona ho amohela pholoso. Na o keke wa barata ha emong ba bona ba lahleha o ba bolelle ka matla a Jesu a ho pholosa?

"Hona le bophelo bo le bong fela bo motho a ka bophelang bo tlang ho feta ka pele; se etswang Kreste fela se tlang ho phela ka ho sa feleng."

No comments: