Wednesday, April 30, 2008

SETSWALLE LE MODIMO

2661 - Sesotho

Dilemong tsa ngata tse fetileng ke ile ka mamela molaetsa o reng: "Sebe se seholo se bonwang kahare ho Bakreste". Ke ile ka makala seo moruti a ka se bolelang e ne e le sebe seo Bakreste ba leng molato hape ke ile ka nahana qetello ya hae e ne e le nnete - hore Sebe se seholo sa rona ke Sebe sa ho se nehele kaofela - Tsela ya boithatelo ho dumella Modimo ho ba le tsela e lokileng - ntho ya pele bophelong ba rona.

Ke ile ka dumela ka pelo yaka yohle hore thuto eo rona Bakreste re tshwanetseng ho ithuta ke ho bea dintho tsa pele. Lentswe la Modimo le Senola ha bohloko ke dife dintho tseo tsa pele

Kamora hore a bolelle barutuwa ba hae hore: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. (Mattheu 6:25-32). Jesu are; "Batla pele mmuso wa Modumo le ho loka ha wona pele" hape o ile a tshepisa hore o tla eketsa dintho tse ding ho ya ka ditlhoko tsa rona.

Mantswe ana a matle a tswang dipounameng tsa Morena di ka bolela ntho e le nngwe: Dintho tsa Modimo di tla pele ho dintho tse ding - re tshwanela ke ho inehela borana ka ho fella ho yena - ho re fa dintho tsa pele bophelong ba rona.

Modimo o bewa e le wa pele nakong ya pele hobane o tsamaisa nako ya rona. Dilemo tseo re ka di phelang lefatsheng lena di matsohong a hae. Modimo o tshwanetse ho ba le kopo hodima matla a rona ka baka la bophelo ba rona, ho tswa moo re fumanang matla a rona, a ka tlasa thato ya hae. Modimo e fela a na le kopo hodima bokgoni ba rona hobane a re fa ditalente tsa rona tse fapaneng.

Hape ho a hlokeha tatellong hore Modimo o tshwanetse ho ba le kopo ya pele hodima tjhelete ya rona hobane tjhelete eo re e amohelang e tla hantle ka baka la tshebetso ya nako ya rona, matla le kgoneho, ya tseo Modimo a re neileng tsona.

Bothata ba rona, hona-jwale - ba hao le baka - bo qala pele bo bonahatsa qaleho ya Modimo dinthong tsena hape le ho re bontsha kopo ya hae tseleng eo re e phelang le ho hlokomela mathaqta a rous.

Haeba re beha Modimo pele re tshwanetse ho sebedisa karolwana letsatsi le leng le le leng ho ithuta lentswe la Modimo hape ho phela bophelo ba thapelo. Matla a rona le bokgoni ba rona di tshwanetse ho mo paka hape le ho mo sebeletsa matsatsi a ho phela ha rona.

Empa ha re nehela dintho tsena le ho kqutlisa tjhelete ya rona, re lahla karolo e kgolo ya botsebi ba Bokreste ba rona, Modimo a ke ke a tlatsa sebaka sa pele maphelong a rona kantle a tla pele dibukeng tsa mekotla ya roua. Jesu o hatella nnete ena ha a ne a re: "Moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo pelo ya hao e leng teng".

Boitshwaro ba Rona Tjheleteng

Hobane bongata ba rona, ntho e thata haholo ho tsohle ke ho nehelana ka tjhelete ya rona. Ho bonolo ho utlwisisa, hobane ka tsebo ya rona tjhelete eo re e amohelang ke maphelo a rona - nako ya rona, matla di itshetlelehile hodima tjhelete.

Modimo o batla hore re hopole kamehla yohle hore tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho yena - seo se re fa nako, matla hape le bokgoni hoo re fumanang tjhelete eo re e amohelang. Qetellong ya dintho tsohle, tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Modimo hape di entswe ke yena. Ka tjhebahalo ya ho ba le tsohle le kamohelo ya rona, Lentswe la Modimo le re ruta hore re tshwanetse ho qhelela ka thoko - feela karolo ya leshome - karolo ya leshome profeteng le kemong ya tjhelete - nehelana ka tseo ho yena - o di sebedise e le tlotla le kganya ho tswellisa mosebetsi wa hae le ho thusa bankarona.

Mosebetsi wa Rona

Ha Modimo pele a kopanya batho ba Bajuda e be setjhaba o ile a ba nea molao o reng, (Levitike 27:30), "boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova, bo a halalela ho Morena" hlokomela hore ha e re: "Boshome bo tshwanetse ho fuwa Modimo" e re: "Ke" ba Jehova.

Dilemo tse fetileng moprofeta Malakia o ne a laela batho ba Bajuda ka baka la ho se itshware hantle le ho se ikokobetse melaong ya Modimo. Bukeng ya Malakia 3:7-9 Modimo o bua ka molao wa boshome. Ha a behe batho molato ho se hlomele mose betsi. Ha a nahane hore ha ba so ka ba lokoloha ka ho fella. Ore, "Le nthopile boshomeng le menehelong".

Polelo ena e nyane e bolela hore ha ba hula karolo boshomeng ba ne ba nka ho tswa ho Modimo ntho e e leng ya hae.

Potso ka dinako tse ding e ka tsoha e le hore molao ona wa boshome o ntse o tlama hodima badumedi kajeno. Kannete lerato la rona ho Modimo, tsela ya rona ho yena pholosong eo re nang le yona ka baka la mora wa hae hape kamohelo ya rona dihlohonolofatsong tseo re di fumanang ka nako ho tswa matsohong a hae e tshwanetse ho re kgodisa ho utlwa hore boshome bo tshwanetse ho ba bonyane ba bakreste - ke seo re ka se neang Modimo ho bontsha lerato la rona ho yena ho tsohle tseo a di entseng ho rona.

Tlisa Dihlohonolofatso

Modimo o tshepisa ka hore yena eo a hlohonolofatsang bao ba tshepahalang ho mo hlompheng ka boshome ba bona. Bukeng ya Malakia 3:10 re bala hore, "Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo tle di be teng tlung ya ka, le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!"

Ho feta dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano hore ke bue le Bakreste ka boshome ke ile ka hloka ho kopana le e mong ya tshepahalang boshomeng phumanong ya hae kantle le ho fumana dihlohonolofatso. Ho bea Modimo pele ho etsa tjhelete karolo ya bophelo ba rona ho tlisa temohelo e kgolo hore Modimo ke molekane wa rona ho tsohle tseo re di etsang. Ha dipelo tsa rona le dibuka tsa mekotla ya rona di nehelwa yena re ka hula bohlale ho tswa ho yena ho re thusa ho kgona mathata a o re kopanang le ona letsatsi le letsatsi. Ka potlako dihlohonolofatso ke tjhelete hape ke semoya. Motho ya nahanang ka nako ya hae le matla a hae a tswa ho Modimo o tla mosebetsi ya lokileng, tshwanelo ya phahamiso le kekeletso bokgoning. Monna wa morui kapa ya rutehileng ya hlokomelang bokgoni ba hae e le mpho ho tswa ho-Modimo - yeo a batlang tsamaiso ya Modimo mathateng a hae - o tla atleha ho isa hodimo.

"Empa dihlohonolofatso tsa semoya tse tlang ka boshome di hole ho hang ho feta dihlohonolofatso tse bonahalang. Jesu o rutile, ho lehlohonolo ho fana hona le ho amohela." Hona le thabo e ngata e fumanwang ho neheng ho na le ho amoheleng. Tjhelele eo re e beang kajeno ho phatlalatsa Evangedi ya Modimo le lerato la hae le ho thuseng metswalle ya rona e seng fela ho mekoloto thabong le ho kgotsofaleng ha re ntse re le mona lefatsheng empa e putsa mekoloto ya ho qetela lehodimong.

Bopaki ba Bantshi ba Boshome

Bongata ba barui le baetapele ba tjhelete e ne e le bantshi ba boshome. John D. Rockefeller o qadile ho ntsha boshome ha a ne a qala ho amohela moputso wa beke. William Colgate ya tsebahalang wa sesepa sa meno le dintho tsa matlwana, Hershey wa "Hershey’s Chocolate", Heinz wa "57 varieties", Kraft wa "Kraft Cheese", Jarman, moetsi wa dieta, Kellog wa "Corn Flakes" fame. Kerr wa "Kerr Fruit Jars", John Wanamaker, motshwari wa setoro. - boihle ba ne ba hlompha Modimo e le batshepehi ba Modimo.

Hore ba Fumane hantle boshome borobong ho saleng ho nkeng boshome ba Modimo jwaleka ha ba ile ba etsa boshomeng - boshome pele ba qala ho sebedisa boshome ba Modimo ka hlompho ya hae le kganyake ntho e bo hlokwa ho bantshi ba boshome:

Re ka re ka nnete hore Modimo o re hlohonolofaditse haholo. Tjhelete e salang kamora ho patala boshome ba rona e bonahala e ntse e ya hole ho feta keno kapa moputso wa rona ha re ne re sa ntshe boshome".

"Ke re ke le mohlolohadi dilemo tse leshome, dintho di ne di sa se bonolo kamehla empa di bile ntle kamoo Modimo ba butseng diphera tsa lehodimo. Le tsona dikoloto, ho kula jwalo-jwalo. Boshome bo ile ba patalwa pele hape ka dinako tse ding ho saleng ha boshome-borobong bo ne bo le bohlokwa kamehla. "Oho, ke dihlohonofatso tse jwang tseo Bakreste ba sa kgoneng ho di fumana ha ba sa ntshe boshome."

Re ntsha boshome hape ka mohlolo re fumana mekoloto ya rona e patalwa hanyane hantle jwaloka ho feta pele, leha moputso wa rona o sa eketswa. Hape le thabo le kgotso ho tshepahaleng ditshepisong tsa rona."

"Ho ithuteng ho behella ka thoto boshome ba moputso wa ka jwaleka "Sacred Trust Fund" ho behelwa mosebetsing wa kereke e bile ntho e thabisang eo ke neng ke se na yona bophelong ba ka. Kahlolong ya ka e mong le e mong ya ithutang ho ntsha boshome feela selemo se le seng a ke ke ho tlohela."

Bongata ho Feta Boshome

Haebe boshome ke ba Modimo, jwale ho fana ha rona ha ho qale hofihlela kamorao hore Modimo a amohele boshome ba hae ba pele. Ha Modimo a hlohonolofatsa hape a atlehisa tjheleteng re tshwanetse ho bontsha kamohelo ka lerato. La dimpho hape le la monehelo ho feta le hodima boshome.

Morao ka 1935 e mong wa ba tsa lefatshe kapa naha y a tsejwang ka Coy Langford o ne a le mokolotong wa $500 (didolara tse makgolo a mahlano. O ile a qala ho ntsha boshome. O ile a patala mekoloto kaofela pele e eketseha kapa e e ba nako hape ka $1200 (didolara tse sekete le makgolo a mabedi) a qala ho bula mosebetsi o o e leng wa hae le kantoro ya hae lapeng la hae. O ile a bula banka ho kenya kapa ho bea boshome ba hae le menehelo ka tlasa lebitso "Jehova le Langford" Modimo o mo hlohonolofaditse tshepahalo ya hae hape Jwale ka Modimo a ile a mo atlehisa o ile a eketsa ho fa Modimo ho fihlela 25c (disente tse mashome a mabedi a metso e mehlano) ho e nngwe le enngwe ya dolara eo a neng a e fumana e ne e ya kerekeng le mosebetsing wa kereke.

Monna e mong wa North Carolina Lumber o ile a ntsha boshome ka dilemo tse ngata. Jwale ka Modimo a ntse a eketsa moputso wa hae, o ile a eketsa Modimo ho fihlela hape Modimo o "tla" eketsa, pele ho qala ka 15%, hape 20%. Modimo o ile a dula a ntse a hlohonolofatsa. Qetellong, o ile a reka motjhini wa tshilo a nehela ka 50% ya porofete ya hae. Ka nako e ka etsang dilemo tse supileng ho feta $100,000 (ditolara tse dikete tse lekgolo) tsa porofete ya motjhini wa tshilo di ile tsa sebediswa ho hodisa mmuso hape Fred Long o ile a fumana thabo e kgolo ho faneng kapa ho arolaneng le Modimo ka ditsela tse tla mo phahamisang.

E mong wa moetsi wa dikoloi wa Tennessee ya utlwileng molaetsa ona a qala ho ntsha karolo ya leshome, karomorao o e ngata!

"Ke ile ka ithuta hore ho etsa setswalle le Kreste le ho atamela dintho tsa Semoya hape hanyane dinthong tse bonahalang dintho-tsohle di sebetsahala hantle le ho feta ke haholo jwale ditjheleteng ho feta pele. Ke ile ka qala ho ntsha boshome empa le ha ho le jwalo le ha ke na le tjhelete e nyane, ke ne ke dula ke ntsha boshome, hobane e ne e le mohlodi wa thabo ya ya ya Bokreste. Ke ile ka ithuta hore boba motswalle wa Kreste hape le ho ba le tokelo ya ho tshwara bonyane ba kgwebo ya hae e kgolo ho feta tseo lefatshe le ka fanang ka tsona.

O ka Ntsha Boshome Jwang

Haebe o amohetse Jesu e le mopholosi le morena wa hao, empa o nehetse ho Modimo tse setseng ho moputsong wa hao kantle le ho ntsha boshome, ke moo o fositseng tse ding tse kgolo tsa dihlohonolofatso tseo Modimo a di behetseng bana ba hae.

Ithute ho ntsha boshome kajeno - ho amohela phephetso ya Modimo bukena ya Malakia 3:10. E tla tlisa thabo eo o so kang o e bona pele ho tumelong ya hao ya Bokreste - thabo ya ho tseba hore o na le karolo e bohlokwa ho thuseng ho phahamisa Mmuso wa Modimo lefatsheng le hlokang - kgotso e ka tlang fela ha re bea Kreste pele maphelong a rona.

Ho bao ba nang le tjhelete ya ya selemo, ho ntsha boshome ho bonolo. Etsa hore o behele ka thoko katolo ya leshome (10%) moputsong wa hao ho e tlosa tjheleteng eo o e sebedisang. "Ka letsatsi la pele la beke ha e mong le emong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye tseo a sisitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.

Dipotso tse ngata di a botswa ke dintho tse fe tse ka etswang hore ho hulwe moputsong. Karabo e ntle hoena potso ho tsena tsohle ke - "Eba hantle le Modimo jwaleka ha o ka lebella motswalle wa dikgwebo ho ba le wena. Hape ha o nka mohlala ona ho tla ba le tlwaelo eo o ka e etsang tsamaisong ya leano lena.

Haebe o sa amohela Kreste e le mopholosi wa bophelo ba hao, ha ke dumele hore o tla amohela hlohonofatso ho tswa boshomeng. Ditshepiso tsa Modimo ke sa bana ba hae, eseng ho bao ba hanang mora wa hae. Bala Johanne 2:16 le 36, le Baroma 10:9,10, hape bea tshepo ya hao ho yena.

Kgutsufatso

Qebellong ha re boneng ha kgutshwanyane mabaka hobaneng wena le nna re le badumedi re tshwanetse ho ntsha boshome ba moputso wa rona.

1. Boshome ke leano la Modimo moo badumedi ba lemohang kopo ya hae nakong ya bona, matleng, bokgoning le tjheleteng.

2. Boshome ke tsela e bonahalang ya ho bontshahatsa lerato la rona le hlompho ho Modimo ho tsohle tseo ba bang ba nang le tsona.

3. Boshome bo ne bo latelletswe ke Morena le mopholosi, Jesu Kreste.

4. Boshome bo tla thusa bopelo ba semoya, ho re etsa hore re thabe, le ho ba Bakreste ba nang le ditholwana.

5. Boshome bo tlisa dihlohonolofatso tjheleteng.

6. Boshome bo bohlokwa hape ho obameleng pele le taelong e kgolo - "Ke tla RATA Modimo ka pelo ya ka yohle, le ka moya waka ohle le ka monahano waka ohle."

Amohela phephetso ya Modimo bukeng ya Malaka 3:10 mo nehe leano le bonahalang ho fihlela selemo se tlang. Ke ile ka nahanela pele hore ho tla ba le monate kapa thabo ya selemo Bokresteng ba hao. Le hore o tla phetsa ho ithuta ha fela o ntse o phela.

Ke leboha Modimo ho nketella pele ho bona hore tsohle seo ke leng sona le hore di ho yena hape le ho lemoha thabo e tlang ha e mong a le setswalleng le yena. Ke lekile leano la Modimo. Le sebeditse. Ke a o kopa hore o le leke le wena.

No comments: