1435 - Sesotho
D. Malcom
Pholoso e fuwang ke batho ka Jesu Kreste o e amohela ka tumelo ho yena (Ba-Roma 1:16; Diketso 16:30,31). Ena ha se ntho eo o ka e unang kapa e retshwanetseng, empa e teng ho rona ka lerato le mohau wa Modimo (Ba-Efese 2:8,9). Tshepo ya rona ke hore re lemohe hore re ba etsa dibe, le bophelong ba hae bo-phethehileng, lefu ka baka la dibe tsa rona le tsoho matleng, Jesu Kreste o tlile hoba mokgwa wa ho Pholoswa, re pholoswa ka tumelo ya rona ho Jesu Kreste fela.
Empa tumelo e batla mokgwa wa ho tsibiswa. Haeba o ne o dumela hore moaho o neng o le ho ona o wa tuka, o ne o tla nka bohato ka potlako. Jwaleka, motho a beha tshepo ya hae ho Jesu Kreste, mme a moamehla bophelong ba hae (Johanne 1:12, Tshenolo 3:20). Tsela e ncha ya tumelo e amohetsweng e lokela ho bontshwa ka diketso.
Testamenteng e ncha re ithuta ka hore badumedi ba pele na ne ba bontsha tumelo ya bona ho Jesu ka pako (Diketso 2:38; 26:20). Ba fetola takatso ya bophelo ba bona le mekqwa hore ba kgotsofatse Modimo. Ba tsebahatsa humelo ya bona ka mantswe a bolelwang phatlalatsa (Ba-Roma 10:10; Mattheu 10:32,33). Pele badumedi ba bang le lefatshe. Ka pele-pele ba ile ba bontsha tumelo ena ka kolobetso (Diketso 2:41; 8:36-39; 16:31-34).
Testamente e Ncha e buwa ho feta ha 100 ka kolobetso. E mong le e mong ya ikemiseditseng ho ikokobeletsa o hloka hore a utlwisise kolobetso ya Bokreste. Hase engwe le engwe ya patlisiso Testamenteng e Ncha e kentseng ho ithuta (hlaloso ya manttswe e di bontsha kaofela), empa tsena di lekane kutlwisiso ya qhalo.
Ditemana tse ngotsweng di hlaloswa di le molemo ho ka ithuta tsona di le jwalo (Ditemana tse tlang pele le tse latelang) hore re utlwisise moelelo. Ho buka e ngodilweng e tswa hlalosong e ncha lefatsheng ka kakaretso. Thuto ena e re ruta se etellang kolobetso ya Mokreste pele; le hore e ne e le mokgwa ofe wa ketso ya kolobetso, le hore e ne e le moputso ofe kolobetso ya Bokreste.
Jwale ithute ka borapedi o araba potso, engwe le engwe hore o kgotsofale, o dumella Modimo hore a o rute ka lentswe la hae.
Matteu 3:13-17. Mohlang 00, Jesu a tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena. Empa Johanne a hana ho yena; a re: ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena; mme o tla ho nna na? empa Jesu a mo araba, a re ntumelle jwale; hobane e ka kgona re pherthe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o wa mo lesa. Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing; mme hang mahodimo a phetlwa yena; a bona moya wa Modimo o theoha o ka leeba; o tla hodima hae mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong; le re: enwa ke more wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena (sheba le ho Mareka 1:9-11; Luka 3:21; Johanne 1:29-34).
Hobaneng Jesu a itse o tshwanetse ke ho kolobetswa? Ke dife di ponahalo tse pedi tsa bohlokwa tse tsamayang ha mmoho le kolobetso ya Jesu? Hobaneng o nahana hore Johanne o ne a kolobetsa nokeng ya
Jordane? (Sheba Johanne 3:23).
Mattheu 28:20. Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng. E yang ke hona le rute ditshaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la natate, le la mora le la moya o halalelang; mme le ba rute ho boloka tsohle tseo le laetsweng tsona. Mme bonang nna ke na le lona ka mehla yohle; ho isa bofelong ba lefatshe.
Taelo ena e kgolo e fumanwa taolong ya mang?
Tatelanong ya ditemana ke eng e lokelang ho tla pele ho kolobetso?
Lebitsong la mang kolobetso e lokela ho e tsuwa?
Ke eng ho latelang kolobetso ya morutuwa?
Ke tshepiso efe ya bohlokwa e tsamayang le molao ona?
Mareka 16:15,16. A ba a re ho bona e yang ka lefatshe lohle, le bolella babupuwa bohla evangedi, ya dumelang mme a kolobetswe, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng o tla tsuwa.
Molaetsa wa evangedi o lokela ho rerelwa mang?
Hoya ka tatelano ya temana ena ke eng e etellang kolobetso pele?
Ke kgalemo efe e amang le hona ho dumela ho Jesu?
Ke eng tshepiso ya a dumetseng a bile a kolobetswe?
Diketso 2:36-41. (Petrose o ile a rera a re). Ka baka leo, ntlo
yohle ya Israele e ke e tsebe ka nnete, hobane Jesu eo le mothakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mokreste. E itse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo mme ba re ho Petrose le ho Baapostola ba bang: Banna ba haeso, re tla etsa jwang? Petrose a re ho bona: Bakang mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka tshwarelo ya moya o halalelang. Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona. A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re ipolokeleng mofuteng ona o kgopo. Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa mme barutuwa ba
ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete. Tse batlileng hoba tharo.
Ke eng e loketseng ho etela kolobetso pele?
Ba lokela ho kolobetswa lebitsing la mang?
Ke mabaka afe a mabedi kapa di tisetso tseo ba neng ba laelwa hore
ba kolobetswe ka tsona?
Tshepiso e filwe mang?
E kaba le wena o kentswe na?
Diketso 8:5-12 (Sheba Diketso 8:4-13). Ha e le Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng. Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya bolelang ditaba tsa muso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste banna le basadi ba kolobetswa.
Ke molaetsa ofe o ileng wa rerelwa BaSamaria?
Kamorao hoba ba dumele molaetsa, banna baSamaria le basadi ba ile ba etsa eng?
Diketso 8:34-39. (Sheba Diketso 8:26-39). Letona la botsa Filipi, la re: ke ya o rapela, ke re na moprofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o ya ipolela, kapa o bolela e mong na? Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qhala ka lengola le ho molella tsa Jesu.
Ra re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na? Filipi a re hao dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re ke ya dumela hore Jesu Kreste ke mora wa Modimo. Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona mme Filipi a le kolobetsa. Eitse ha ba tloha metsing, moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le ya ka la hlola le sa mmona, le mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.
Ke molaetsa ofe o neng o rerwa ke Filipi?
Letona le ile la bontsha tumelo ya lona jwang ka mantswe?
O ile a bontsha tumelo ya kae jwang ka diketso?
Ke mokgwa ofe wa kolobetso o hlaloswang karolong ena ya Bibele?
Letona le ile la ikutlwa jwang lamorao ho kolobetso?
Ela hloko hore moya o ne o le Mahlahahlaha tsebong ena (8:29), empa boikokobetso ba kolobetso bo ne bo entswe le metsing. (Sheba le Diketso 10:44-48).
Diketso 16:29-34. (Sheba Diketso 16:16-34). Eitse ha a kopile lebona, a mathela teng, a itihela maotong a Paulose le Silase, a ntse a tlakasela. A ntoo ba ntshetsa ntle a re benghadi e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha? Ba re: dumela ho Morena Jesu Kreste; mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao! Ba ntoo molella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae. A na nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela. A ba isa ka tlung ya hae a beya dijo pela bona mme a thaba ka hobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.
Paulose le Silase ba ile ba mojwetsang molebedi wa tjhankane ha a botsa ke etseng hore ke pholoswe?
Ke molaetsa ofe o ileng wa fuwa molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae?
O ile a bontsha molebedi wa tjhankane tshokoloho jwang?
(Phetoho ya pelo le diketso ho Paulose le Silase?)
Ke lebaka lefe le neng le thabise molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae?
Ho ile ha etsahalang hoba molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae ba kolobetswe ka pele ha ka kang kamorao hoba ba dumele?
Diketso 22:10,16. (Tshwantshisa le Diketso 9:1-19, 22:1-16; 26:9-20). (Paulose 0 botsa Jesu). Ka re: Morena, ke tla etsang na?
(Ananaiase a re ho Paulose). Mme jwale o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.
Paulose o ile a jwetsa hore a etse eng?
E bile eng di tholwana tsa kolobetso?
Ho bolelwang ho bitsa lebitsong la hae?
Ba-Roma 6:3-7. Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeditswe lefung la hae na?
Ba baka leo, re ile ra patwa le vena ka ho kolobetswa lefung, hore jwale ka ha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya ntate ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaya ka bophelo bo bocha. Hobane ekare ha re entse setlamo se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae, re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re e ba bahlanka ba sebe.
Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
(Ela hloko hore kolobetso ke lefu la hae, moo madi a hae a tsholohileng. Bapisa hona le Johanne 19:34; Ba-Kolose 1:19,20; 1 Petrose 1:18,19).
Ke mokgwa ofe wa kolobetso re bontshang ho patwa le ho tsoswa?
Ela hloko hore ho diketswa ha motho metsing ho kopanang le dihloko tsa ho tshwantsha lefu ho pata le ho tsosa, jwaleka ka ha o hlalositswe mona.
Na o teng mokgwa o ka nahanang wa ketso e ka kopang le hloko ena?
Ba-Kolose 2:12,13. Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a modimo o mo tsositseng bafung. Eitse ha le ne le sa ntse le ishweletse dibeng tsa lona, le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.
Ke mokgwa ofe o bontshang ho potwa le yena le ho tsoswa le yena?
Ho etsahetseng ka dibe tsa rona ha re ne Phediswa le Kreste?
(Ela hloko hore ka kolobetso re ya patwa mme re tsohe le yena ho bontsha se etsahalang ho rona moyeng ha o ne o shwele dibeng tsa hao Modimo o etsa hore o phele ka Kreste).
Ba-Galata 3:27 (26-28). Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.
Ke ditshepiso dife ho bao ba neng ba kolobeditswe ka Kreste?
I Petrose 3:21. Se tshwantshwang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale - e seng e hlatsuwang ditshila tsa mele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo - ka tsoho ya Jesu Kreste.
Hoya ka temana ena ke dife ditholwana tsa kolobetso?
E kaba sena se tla ruta hore ho feta ka mokgwa wa kolobetso ho lekane fela?
Hobaneng kapa hobaneng ho se jwalo?
Ha rena letswalo la ho se etse se re tsebang hore re lokela ho se etsa, kapa ho etsa seo re tsebang hore se fosahetse letswalo le letle re le fumane jwang?
Sena se etsahala jwang temaneng ena?
Ho kolobetswa hape Diketso 19:3-5 (1-7). Jwale Paulose a botsa, a re ho bona le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re ka kolobetso ya Johanne. Paulose a re efela Johanne o kolobeteditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang ka mora hae e leng Jesu Kreste. Eitse ha ba utlwa hae, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu. Ena ke yona fela taba ya ho kolobetswa hape Testamenteng e Ncha. Mohlomong mokgwa wa kolobetswo ya pele o ne o lokile empa o ne o etsetswa lebaka le fosahetseng.
E kaba hona ho bolela hore motho o lokela ho kolobetswa hape ka mokgwa kapa lebaka la hae la ho kolobetswa pele ha le ka la kopana le dihloko tsohle tsa Bibele na? Hobaneng kapa hobaneng ho se jwalo?
DITHUTO TSE TSWELLANG
Testamente e ncha e ne qhadile ho ngolwa ka puo ya se Gerike. o ithuta moelelo wa mantswe a qhalo ya se Gerike a thusa ho utlwisisa seo Jesu le mapostola a buile ka kolobetso.
Lentswe la se Gerike ho fafatsa ke rhantizo (Kapa mokgwa o mong wa letso ena). E sebediswa Testamenteng e Ncha ho fafatsa ka madi le ka molora (Ba-Heberu 9:13,19,20). Empa e seng lebakeng la kolobetso.
Lentswe la se Gerike la ho tshela ke cheo (Kapa mokgwa o itseng wa leetsi lena). E Sebediswa ha ngata Testamenteng Encha. (Mattheu 26:7 - Sehlare, Luka 10:34, Oli le veine; Diketso 2:17,18, Le moya, Jwalo, Jwalo). Empa ha e sebedisetswe kolobetso.
Lentswe la se Gerike "baptisma" ke lebitso le hlalosang "kolobetso" ka hlaloso ya rona ya Sesotho. E bolela mokgwa wa ho diketsa ho kwahela le ho hlaha, hoya ka hlaloso ya mantswe a Testamente e Ncha e ngotswe ke W.E. Vine. Mokgwa wa leetsi ke baptizo, e tswang lentsweng la se Gerike bapto e bolelang ho diketsa W.E. Vine o hlalosa baptizo jwaleka e sebediswa mahareng a magerike ho bontsha ho betolwa ha mmala wa seaparo, kapa ho kga metsi ka ho diketsa sejana se seng ka ho se seng jwaleka Jesu le barutuwa ba nnile ba sebedisa lentswe la ho diketsa ha buwa ka ho kolobetsa mokgwa o ne o utlwisiswa ka lentswe le sebediswang puong ya ho qhala.
Mokgwa o re o filweng Testamenteng e Ncha oo ka ona ka bonngwe re dumetse ho Jese Kreste jwaloka mora Modimo. Ba bontsha tumelo ena ka ho sokoloha kapa ho tloha dibeng tsa bona. (Diketso 2:38; 26:20). Ka ho bolela tumelo ya bona ho Jesu Kreste phatlalatsa. (Diketso 8:37; BaRoma 10:10). Le ka ketso ya kolobetso ya Bokreste. Jwaleka e mong le e mong a batlile ho shwa dinthong tsa kgale le hore a tswalwe bocha ho Jesu Kreste, ho ne ho ena le kgopotso ya hore Jesu o shwele sefapanong ka baka la dibe tsa rona, a patwa le bitleng a ba a tsoha bafung, diketso tsa kolobetso ya Bokreste di bontsha boinehelo ho Jesu ka ho lakatsa ho shwa le yena sebeng le ho arolela tsohong metsing jwaloka ha Jesu a ile a tsoswa bafung, metsi e le sehopotso sa hlatsuwo eo ba neng ba e lakatsa. Jwaloka ha e le madi a Jesu Kreste a re pholosang sebeng (Matthew 26:28). E bile jwaloka ha re kolobeditswe lefung la hae (Ba-Roma 6:3). Moo madio a tsholotsweng teng kolobetso ke engwe ya ditsela tseo Modimo o di sebedisang, ka madi a hlatswang maphelo a rona.
Hopola seo o ithutileng sona ditemaneng tsena hape o shebe hore na o kolobeditswe jwaloka ha Testamente e Ncha e ruta. Hopola hore Jesu o re laetse hore re kolobetswe (Matteu 28:19; Mareka 16:16). A ba re ruta haeba o nthata o tla mamela seo keo laelang sona (Johanne 14:15)
Wednesday, April 30, 2008
Subscribe to:
Post Comments (Atom)
No comments:
Post a Comment