Wednesday, April 30, 2008

TLOO, MORENA JESU!

1064 - Sesotho

Tshenolo 22:20

"Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse." - Luka 21:28

TLOO, MORENA JESU!

Kreste:

"Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng." - Johanne 14:3

Lengeloi:

"Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona." - Diketso 1:11

Baapostola Pauluse:

"Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla." - I baThesalonika 4:16,17

TLOO, MORENA JESU!

"Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha." - Daniele 12:4

"Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona; mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong. Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao." - II Timothea 4:3-5

"Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata. Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo. Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi. Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka. Ke moo ba bangata ba tla kgopjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana. Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata. Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo. Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha. Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang." - Mattheu 24:5-14; (Mareka 13:22; Luka 21:25-28)

"Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa. Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane, le se ke la dumela. Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang. Bonang, ke le boleletse pele, ditaba di eso ho hlahe. Ka baka leo, ha ba re ho lona: Bonang, o nahathothe, le se ke la tswela teng; kapa ha ba re: Bonang, o phaposing ya ntlo, le se ke la dumela. Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mee le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo. Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng. Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha. Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo. O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe." - Mattheu 24:22-31

"Tseba hobane mehleng ya qetello ho tla hlaha dinako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo; ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle. Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata, ba ithutang kamehla, empa e le ba sitwang ho fihla tsebong ya nnete le ka mohla o le mong." - II Timothea 3:1-7

"Le ntse le tseba haholoholo hobane, mehleng ya morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaya ka ditakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? ... Feela baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng. Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong. Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona. Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi; le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!" - II Petrose 3:3-12

"Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa. Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha. Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu." I baThesalonika 5:1-4

"Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho; ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo." - II baThesalonika 2:3,4

"Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata. Ba rapela drakone (satane) kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona? Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi. Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng lehodimong. Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle. Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa." Tshenolo 13:3-8

"Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tse konyana, (Kreste) se mpa se bua jwaloka drakone. (satane) Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Hape, sa etsa mehlolo e moholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho. Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho. Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba banang ho kgumamela setshwantsho sa sebata. Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona; le hore ho se be motho ya ka tsebang ho reka, leha e le ho rekisa, ha a se na letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona. Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng." (666) - Tshenolo 13:11-18

"Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae. (Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.) Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona. Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole." - Tshenolo 19:19-21

"Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata. Tsebang Moya wa Modimo ka hona: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo; mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng, hase wa Modimo; ke wona moya wa antikreste, eo le mo utlwileng hobane o ya tla, mme le jwale o se a le lefatsheng." -I Johanne 4:1-3

"Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. ... Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang." - Mattheu 24:42-44

"Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao ba? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo." - Mattheu 7:21-23

"Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona. Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae. Lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo; ke lona lefu la bobedi. Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo." - Tshenolo 20:12-15

MELAO E LESHOME YA HO PHELA BOPHELO BO ATLEHILENG BA BOKRESTE

1421 - Sesotho

D. DeWelt

MOLAO WA PELE:

Hlokomela hore katleho bophelong ba moKreste e ikamahantse le maikemisetso a moKreste a ho bonahatsa boinehelo ka pelo yohle ho phelela Kreste.


Ba-Filipi 3:13,14. "Banabeso ha e le nna ha ke itekanye hore ke se ke se hapile, empa ke etsa ho le hong feela, ke lebala tse kamarao, mme ke hahamoua ho tse ka-pele ke mathela moo ho lekanntsweng teng, e leng pheo eo se e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste."


Ba-Filipi 2:12b,13. Le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomela, e seng fela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo; Hobane Modimo ke oona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa; ka boithatelo ba oona.


MOLAO WA BOBEDI:


Bala Bibele ka mokgwa wa lenaneho.


A. Bala ka nako e beilweng jwalo matsatsi ohle. (Hoseng ke nako e molemo haholo).


B. Bibele e ka balwa ka mekgwa ena e latelang.

1. Jwaloka Buka- Hoo ke ho bala hantle kaofela ka nako. E mong o ka nna a ghala ka buka ya Johanne kapa ya Diketso).

2. Mokgwa wa sehloho- Ke ho ithuta seo Bibele e se bolelang mabapi le sehloho se beilweng, Jwaloka taba ya lerato, tumelo, ho inehela kapa kereke. Buka ya dihloho kapa ya hlaloso ya mantswe, ke thuso mokgweng ona wa ho ithuta.

3. Mokgwa wa moetsi- Moetsi o wa kgethiwa le hlaloso ya mantswe e ya sebediswa ho o thusa ho fumana ditulo kapa dinaha Bibeleng tseo moetse a hlaloswang ho tsona. Papiso ya Bibele e ka thusa mokgweng ona wa ho ithuta Tshebedisong ya o mong le o mong wa mekgwa ena ho hotle ho hlokomela molemo oo o ofumaneng. O TLA LOKELA HORE O SEBEDISE BOPHELONG BA HAO.


C. Ha o bala Bibele botsa o be o arabe dipotso tsena tse latelang hoya ka serapa se ka tlase.

1. Ke mang ya buang?

2. O buela lebakeng lefe?

3. Nakong efe?

4. Ho buwa le mang?

5. Tlasa maemo afe?

MOLAO WA BORARO:

Thapelo ya ka mehla.

Ba-Filipi 4:4:6 Le seke la belahela letho empa nthong tsohle seo le se batlang le ke le tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.

A. Rapela ka tsela e itseng matsatsi ohle. Ekaba makgetlo a itseng

ka letsatsi; empa le ha e kaba ha kae etsa bonnete ba hore o na le nako e beilweng ya ho rapela, hape o seke wa dumella letho ho ferekanya nako eo. Ba bangata ba felehetsa thapelo ka ho bala Bibele.

B. NETEFATSA dithapelo tsa hao etsa di thapelo tsa hao ka tsela e itseng rapella batho ba itseng kapa dintho tse itseng. Paulosi o ne a buwa ka baKreste Ba-Roma dithapelong tsa hae ha rapella kereke ya Roma. Ba-Roma 1:9. Rapella dintho tsohle, thabo ya hao le mahlomola a hao; hopola hore Modimo o tseba tsohle ka wena o rata ho o thusa dikarolong tsohle tsa bophela ba hao. Lahlela dikhathatso tsa hao ho yena hobane o wa o hlokomela.

C. Rapela ka BOIKOKOBETSO LE BO INEHELO thatong ya Modimo. Ha Modimo a se a senotse thato ya hae lentsweng re katla ka sebete teroneng ya mohau wa hae ditshepisong tsa Modimo mme ra lebella ho. Amohela, empa ha thato ya Modimo e sa senolwa re lokela ho inehela ho yena ya ahlolang ka toka re rapele hore thato ya hae e phethahale, mme re dumele ho amohela thato ya hae ha e se e senotswe.

Thapelo ke phefomoloho ya moKreste o seke wa bipetseha. Ba-Kolose 4:2-6.

MOLAO WA BONE:

Etsa ka matla ho hapela ba bang ho Kriste.

A. Jesu o itse moKreste e mong le mong e tshwanetse hoba kganya ya lefatshe. Mattheu 5:14. Lesedi leo re lokelang ho fana ka lona re loketse ho ruta ka Morena Jesu Kreste lentsweng le ka diketso. Jwaloka tumelo etla ka ho utlwo, le kutlo ka lentswe la Kreste. Ba-Roma 10:17. Ba bang ba keke ba ba le tumelo kapa ba sokoloha ho fihlela le ba tlisetsa lentswe la Kreste. Hona ha se mosebetsi wa bareri fela, Kreste olebeletse wena hore o be le boikarabeloboikakabelo ba hoba lesedi la lefatshe ka tsela ena.

B. Jesu o re MoKreste e mona le mong e tshwanetse hoba "letswai la lefatshe." Mattheu 5:13. Letswai la semoya le tla boloka lefatshe tshenyehong ka thuto ya Morena Jesu Kreste. Thuto ena e lokela hore e tsamaiswe ke ba latedi ba hae. O itse ke letswai la lefatshe; Rona ba nang le dithuto tsena tsa Kreste ka ho fana ka tsona ho ba bang re boloka maphelo a bona tshenyehong; Kreste o lebeletse hore o be le boikarabelo ba hoba letswai la lefatshe ka mokgwa ona.

C. Kerekeng ya Testamente e ncha MoKreste e mong le e mong e ne e le moreri wa lentswe. Diketso 8:4. Ba neng ba qalantswe ba ne ba tsamaya ba bolela lentswe. (BaKreste ba kereke ya Jerusalema) Ba ne ba tsamaya hohle ba rera lentswe. Haeba re tsamaya ka tsela ya Bibele MoKreste e mong le mong o tlamehile hoya ka mohlala wa bapostola ho rera lentswe. Bohle ha bakaba rera mapatlelong kapa dikopanong tsa batho empa ba ikutlwela ba ena le morwalo wa ho hapela e mong ho Kreste.

"Kreste ha ana matsoho empa ke matsoho a rona ho etsa mosebetsi wa hae kajeno. Ha ana maoto empa ke maoto a rona ho etella batho tseleng ya hae; O na le maleme empa ke maleme a rona a tsebisang batho hore o shwele jwang, ha ana thuso empa ke thuso ya rona ho ba thusa lehlakoreng la hae."

MOLAO WA BOHLANO:

Le seke laba le metswalle e mebe.

A. Ha moKreste a batla setswalle sa batho ba babe; Jwaloka lentswe la Modimo le tisitse setswalle sena se tla senya mekgwa ya hae e metle. 1 Ba-Korinthe 15:33.

B. Ha o rata ho hlonolofatswa ke Modimo jwaloka moKreste ya thabileng o seke wa tsamaya mehlaleng ya baetsadibe, kapa wa dula setulong sa ba somi. Dipesaleme 1:1.

C. Hona ho bolele hore o be le mokgwa o fitisisang bo halaledi ho metswalle ya rona ya lefatsheng; Empa re tla buwa, re etse re nahane jwaloka ka baKreste ba inehetseng ka sebele boemo bo tshwanang le bona bo tla ba kgalema Sebeng mme ba tla hapelwa ho mopholosi kapa ba keke ba hlola ba lakatsa Setswalle sa rona. Bala ka hloko Ba-Roma 6:16,17. le Ba-Roma 12:1,2 le 2 Ba-Korinthe 6:14-17.

Hlokomela hore setswalle sa hao se boloke thapelo.

MOLAO WA BOTSHELELA:

Tshepahala hoya ditshebeletsong tsohle tsa kereke.

A. Hopola hore ditshebeletso tsa kereke di tshwanelwa ho o thusa. Lentswe le ya rerwa, dipini di ya binwa, ho kopanelwa tafoleng ya Morena, tshebeletso e fuwa lona bohle; ka tsela eo o sa yeng ka yona kerekeng o hlola lebaka, la ho kopanela kerekeng.

B. Hopola hore Modimo o re kgothatsa lentsweng la hae hore re se ke ra tlohela ho kopanela ha rona mmoho. Jwaleka ho hloleha ho kopanela le kereke ke ho se ikokobeletse lentswe la Modimo. Ba-Heberu 10:25.

C. Hopola ho se kopanele tafoleng ya Morena ka boomo ho etsa hore re fokole, re kule, re be re qetelle re shwele Moyeng. 1 Ba-Korinthe 11:30; Johanne 6:53-58. Ho se natse tafole ya Morena ke ho se latele mohlala wa mapostola. (Diketso 20:7; 2:42). Le ho se ikokobeletse molao o totobetseng wa Morena Jesu. Luka 22:19.

Re keke ra bolela ho rata Kreste mme ra se natse monyaduwa wa hae e leng kereke. Ba-Efese 5:25.

MOLAO WA BOSUPA:

Ikokobeletse molao wa Modimo wa ho fana.

A. Ho ntsha karolo ya leshome ke morero wa Modimo wa ho tshehetsa mosebetsi wa hae. Jwaleka ho ngodilwe ho 1 Ba-Korinthe 9:13,14. "Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ba jela aletareng na? (Mona ho buwa ka ba Prista ba Testament ya kgale ba neng ba sebetse tempeleng le aletareng; Pauluse o re ba na le karolo ya bone ya mosebetsi wa bona; karolo eo ba efilwe ke batho e le boshome le menen helo). Jwale Paulose o ruta thuta ena ho baruti ba evangedi o re Jwale (kapa mokgwa o Jwale) Morena o ile a tlosa (kapa a etsa molao) hore ba bolelang evangedi ba phele ka evangedi.

B. Abrahama o ile a lefa boshome ho Melchizedek. Ka selemo sa 1900 B.C. dilemong tse 400 pele molao o ka bewa Jakobo o ile a lefa boshome ho Modimo ka selemo sa 1800 B.C. nako e ka bang dilemo tse 300 pele ho ka ho ka fanwa ka molao. Jwale re bone hore ke molao wa motheo o hlokomelwang lefatsheng lohle, mme bofelang ho ka. Fediswa ha molao o ne o otlelwa sefapanong; Hobane molao o ne o bolela melao eo e neng e fiwa setjhaba sa Israele. Genese 14:20; Ba-Heberu 7:1-10; Genese 28:22.

C. Jesu o ile a phahamisa maemo ohle a Testamente ya kgale ha a kaba a theola maemo. Mattheu 5:21,22; 5:27,28; 5:43,44; 5:20. Jwale boshome bolokela hore e be bonyane bo re fanang ka bona.

Ha hona pale ya moKreste ya phelang bophelo ba boinnehelo, a fana ka boshome le menehelo ho Modimo, empa a hwnolofatswa ke Modimo ka ho fana. Mme ka ho eketsehileng a kgona ho kopana le ditlolo tsa hae tsohle.

MOLAO WA BOROBEDI:

Hlodisisa kgafetsa meputso eo e leng ya hao Jwaleka Mokreste.

NAHANA FEELA -

A. Modimo o ratile ka ho lekaneng o sa-le mokwinihi hape o sale sera hore a romele mora wa hae bakeng sa pholoso ya hae le thabo. Ra-Roma 5:6,8.

B. Dibe tsa hao tsohle di tshwaretswe. Jwale dipelo tsa rona ditshwanetse ho thaba bakakang ka thabo e sa buweng le kganya e feletseng ho hlokomela nnete e makatsang.

C. Jwale o na le Kreste jwaloka mmuwelli wa hao ho ntate. Jwaleka mmuwelli a ka tshwarela dibe tsa hao ha o sokoloha mme o rapela.

D. O na le mpho e tswang ho Modimo e leng moya o halalelang. O tlang ho dula pelong ya hae Ho tlatsa le ho kgothatsa bophelo ba hao.

E. O leloko la mmele wa Kreste e leng kereke ya hae ka mokgwa oo o na le bana beno le dikgaetsedi tsa hao tse sekete ho Kreste ba leng teng ho thaba le wena, le ho lla le wena hore le matlafale.

Mokreste o ruhile ho feta tekanyo ya batho.

MOLAO WA BOROBONG:

O seke wa felwa ke matla.

A. Hopola mosebetsi wa hao, Mosebetsi o moholo lefatsheng wa Modimo, ho lopollwa ha meya ya bohlokwa eo Jesu a e shwetseng.

B. Hopola Morena wa hao e leng; Morena Jesu Kreste, ka yena Modimo a ka refa dintho tsohle fela. Ba-Roma 8:34. Ha re fokola yena ka matla a hae. Ha re hloka bohlale re ka kopa o tla refa ka ho fitisisa. Jakobo 1:5.

C. Hopola moputso wa hao. Moputso wa mokreste ya sebetsang ka botshepehi ke meya e hapelwang ho Kreste bonnete ba lehodimo.

D. Hopola sera sa hao satane o dutse ka dinako tsohle a lemohile a loketse ho thetsa ngwana Modimo. Tsele engwe fela ya ho hlola satane ke ka thapelo ho ithuta Bibele le ho paka. Atamela ho Modimo ka di tsela tsena mme satane o tla baleha.

Re ka felwa ke matla jwang ha re hopola ho swabiswa ha mopholosi wa rona?

MOLAO WA LESHOME:

Utlwisisa tekanyo ya Modimo ya bophelo.

A. Modimo o lekanya bophelo bona jwaloka leeto la nakwana. Genese 47:9; Petrose 1:11; Ba-Heberu 11:13. Hona ho bolela hore re feta lefatsheng lena tseleng ya rona e yang bophelong bo sa feleng. Ka kgopolo ena dikelelong tsa rona re kaba le tekanya e nyenyane ya dintho tse tshwanang le dintho tse ding tseo metswalle e meng e di ballang e leng tse ratehang.

B. Modimo o rata hore o tsebe hore motho e mong le e mong ya phelang lefatsheng o na le moya o sa feleng o tlang ho phela ka ho sa feleng lehodimong kapa diheleng, Hoya ka hore na ba etsang ka Jesu. Johanne 14:6; Johanne 3:36, Mareka 16:16. Seo ba se etsang ka Jesu ke boikarabelo ba hao. Re be re bale Ezekiele 3:16-21, le Diketso 8:4.

C. Modimo o rata hore o tsebe hore bophelo bo fela jwaloka ka mohudi (Jakobo 4:14) kapa seriti (Moekelesia 6:12) ha re hlokomeleng hore ba keke ba ba letsatsi kapa monyetla o mong wa ho amohela Kreste, hore letsatsi la kajeno ke lona fela leo motho a nang le lona ho amohela pholoso. Na o keke wa barata ha emong ba bona ba lahleha o ba bolelle ka matla a Jesu a ho pholosa?

"Hona le bophelo bo le bong fela bo motho a ka bophelang bo tlang ho feta ka pele; se etswang Kreste fela se tlang ho phela ka ho sa feleng."

THUTO YA KOLOBETSO YA BROKRESTE

1435 - Sesotho

D. Malcom

Pholoso e fuwang ke batho ka Jesu Kreste o e amohela ka tumelo ho yena (Ba-Roma 1:16; Diketso 16:30,31). Ena ha se ntho eo o ka e unang kapa e retshwanetseng, empa e teng ho rona ka lerato le mohau wa Modimo (Ba-Efese 2:8,9). Tshepo ya rona ke hore re lemohe hore re ba etsa dibe, le bophelong ba hae bo-phethehileng, lefu ka baka la dibe tsa rona le tsoho matleng, Jesu Kreste o tlile hoba mokgwa wa ho Pholoswa, re pholoswa ka tumelo ya rona ho Jesu Kreste fela.

Empa tumelo e batla mokgwa wa ho tsibiswa. Haeba o ne o dumela hore moaho o neng o le ho ona o wa tuka, o ne o tla nka bohato ka potlako. Jwaleka, motho a beha tshepo ya hae ho Jesu Kreste, mme a moamehla bophelong ba hae (Johanne 1:12, Tshenolo 3:20). Tsela e ncha ya tumelo e amohetsweng e lokela ho bontshwa ka diketso.

Testamenteng e ncha re ithuta ka hore badumedi ba pele na ne ba bontsha tumelo ya bona ho Jesu ka pako (Diketso 2:38; 26:20). Ba fetola takatso ya bophelo ba bona le mekqwa hore ba kgotsofatse Modimo. Ba tsebahatsa humelo ya bona ka mantswe a bolelwang phatlalatsa (Ba-Roma 10:10; Mattheu 10:32,33). Pele badumedi ba bang le lefatshe. Ka pele-pele ba ile ba bontsha tumelo ena ka kolobetso (Diketso 2:41; 8:36-39; 16:31-34).

Testamente e Ncha e buwa ho feta ha 100 ka kolobetso. E mong le e mong ya ikemiseditseng ho ikokobeletsa o hloka hore a utlwisise kolobetso ya Bokreste. Hase engwe le engwe ya patlisiso Testamenteng e Ncha e kentseng ho ithuta (hlaloso ya manttswe e di bontsha kaofela), empa tsena di lekane kutlwisiso ya qhalo.

Ditemana tse ngotsweng di hlaloswa di le molemo ho ka ithuta tsona di le jwalo (Ditemana tse tlang pele le tse latelang) hore re utlwisise moelelo. Ho buka e ngodilweng e tswa hlalosong e ncha lefatsheng ka kakaretso. Thuto ena e re ruta se etellang kolobetso ya Mokreste pele; le hore e ne e le mokgwa ofe wa ketso ya kolobetso, le hore e ne e le moputso ofe kolobetso ya Bokreste.

Jwale ithute ka borapedi o araba potso, engwe le engwe hore o kgotsofale, o dumella Modimo hore a o rute ka lentswe la hae.

Matteu 3:13-17. Mohlang 00, Jesu a tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena. Empa Johanne a hana ho yena; a re: ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena; mme o tla ho nna na? empa Jesu a mo araba, a re ntumelle jwale; hobane e ka kgona re pherthe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o wa mo lesa. Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing; mme hang mahodimo a phetlwa yena; a bona moya wa Modimo o theoha o ka leeba; o tla hodima hae mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong; le re: enwa ke more wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena (sheba le ho Mareka 1:9-11; Luka 3:21; Johanne 1:29-34).

Hobaneng Jesu a itse o tshwanetse ke ho kolobetswa? Ke dife di ponahalo tse pedi tsa bohlokwa tse tsamayang ha mmoho le kolobetso ya Jesu? Hobaneng o nahana hore Johanne o ne a kolobetsa nokeng ya

Jordane? (Sheba Johanne 3:23).

Mattheu 28:20. Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng. E yang ke hona le rute ditshaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la natate, le la mora le la moya o halalelang; mme le ba rute ho boloka tsohle tseo le laetsweng tsona. Mme bonang nna ke na le lona ka mehla yohle; ho isa bofelong ba lefatshe.

Taelo ena e kgolo e fumanwa taolong ya mang?

Tatelanong ya ditemana ke eng e lokelang ho tla pele ho kolobetso?

Lebitsong la mang kolobetso e lokela ho e tsuwa?

Ke eng ho latelang kolobetso ya morutuwa?

Ke tshepiso efe ya bohlokwa e tsamayang le molao ona?

Mareka 16:15,16. A ba a re ho bona e yang ka lefatshe lohle, le bolella babupuwa bohla evangedi, ya dumelang mme a kolobetswe, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng o tla tsuwa.

Molaetsa wa evangedi o lokela ho rerelwa mang?

Hoya ka tatelano ya temana ena ke eng e etellang kolobetso pele?

Ke kgalemo efe e amang le hona ho dumela ho Jesu?

Ke eng tshepiso ya a dumetseng a bile a kolobetswe?

Diketso 2:36-41. (Petrose o ile a rera a re). Ka baka leo, ntlo

yohle ya Israele e ke e tsebe ka nnete, hobane Jesu eo le mothakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mokreste. E itse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo mme ba re ho Petrose le ho Baapostola ba bang: Banna ba haeso, re tla etsa jwang? Petrose a re ho bona: Bakang mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka tshwarelo ya moya o halalelang. Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona. A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re ipolokeleng mofuteng ona o kgopo. Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa mme barutuwa ba

ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete. Tse batlileng hoba tharo.

Ke eng e loketseng ho etela kolobetso pele?

Ba lokela ho kolobetswa lebitsing la mang?

Ke mabaka afe a mabedi kapa di tisetso tseo ba neng ba laelwa hore

ba kolobetswe ka tsona?

Tshepiso e filwe mang?

E kaba le wena o kentswe na?

Diketso 8:5-12 (Sheba Diketso 8:4-13). Ha e le Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng. Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya bolelang ditaba tsa muso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste banna le basadi ba kolobetswa.

Ke molaetsa ofe o ileng wa rerelwa BaSamaria?

Kamorao hoba ba dumele molaetsa, banna baSamaria le basadi ba ile ba etsa eng?

Diketso 8:34-39. (Sheba Diketso 8:26-39). Letona la botsa Filipi, la re: ke ya o rapela, ke re na moprofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o ya ipolela, kapa o bolela e mong na? Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qhala ka lengola le ho molella tsa Jesu.

Ra re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na? Filipi a re hao dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re ke ya dumela hore Jesu Kreste ke mora wa Modimo. Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona mme Filipi a le kolobetsa. Eitse ha ba tloha metsing, moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le ya ka la hlola le sa mmona, le mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.

Ke molaetsa ofe o neng o rerwa ke Filipi?

Letona le ile la bontsha tumelo ya lona jwang ka mantswe?

O ile a bontsha tumelo ya kae jwang ka diketso?

Ke mokgwa ofe wa kolobetso o hlaloswang karolong ena ya Bibele?

Letona le ile la ikutlwa jwang lamorao ho kolobetso?

Ela hloko hore moya o ne o le Mahlahahlaha tsebong ena (8:29), empa boikokobetso ba kolobetso bo ne bo entswe le metsing. (Sheba le Diketso 10:44-48).

Diketso 16:29-34. (Sheba Diketso 16:16-34). Eitse ha a kopile lebona, a mathela teng, a itihela maotong a Paulose le Silase, a ntse a tlakasela. A ntoo ba ntshetsa ntle a re benghadi e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha? Ba re: dumela ho Morena Jesu Kreste; mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao! Ba ntoo molella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae. A na nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela. A ba isa ka tlung ya hae a beya dijo pela bona mme a thaba ka hobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.

Paulose le Silase ba ile ba mojwetsang molebedi wa tjhankane ha a botsa ke etseng hore ke pholoswe?

Ke molaetsa ofe o ileng wa fuwa molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae?

O ile a bontsha molebedi wa tjhankane tshokoloho jwang?

(Phetoho ya pelo le diketso ho Paulose le Silase?)

Ke lebaka lefe le neng le thabise molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae?

Ho ile ha etsahalang hoba molebedi wa tjhankane le ba ntlo ya hae ba kolobetswe ka pele ha ka kang kamorao hoba ba dumele?

Diketso 22:10,16. (Tshwantshisa le Diketso 9:1-19, 22:1-16; 26:9-20). (Paulose 0 botsa Jesu). Ka re: Morena, ke tla etsang na?

(Ananaiase a re ho Paulose). Mme jwale o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.

Paulose o ile a jwetsa hore a etse eng?

E bile eng di tholwana tsa kolobetso?

Ho bolelwang ho bitsa lebitsong la hae?

Ba-Roma 6:3-7. Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeditswe lefung la hae na?

Ba baka leo, re ile ra patwa le vena ka ho kolobetswa lefung, hore jwale ka ha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya ntate ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaya ka bophelo bo bocha. Hobane ekare ha re entse setlamo se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae, re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re e ba bahlanka ba sebe.

Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.

(Ela hloko hore kolobetso ke lefu la hae, moo madi a hae a tsholohileng. Bapisa hona le Johanne 19:34; Ba-Kolose 1:19,20; 1 Petrose 1:18,19).

Ke mokgwa ofe wa kolobetso re bontshang ho patwa le ho tsoswa?

Ela hloko hore ho diketswa ha motho metsing ho kopanang le dihloko tsa ho tshwantsha lefu ho pata le ho tsosa, jwaleka ka ha o hlalositswe mona.

Na o teng mokgwa o ka nahanang wa ketso e ka kopang le hloko ena?

Ba-Kolose 2:12,13. Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a modimo o mo tsositseng bafung. Eitse ha le ne le sa ntse le ishweletse dibeng tsa lona, le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.

Ke mokgwa ofe o bontshang ho potwa le yena le ho tsoswa le yena?

Ho etsahetseng ka dibe tsa rona ha re ne Phediswa le Kreste?

(Ela hloko hore ka kolobetso re ya patwa mme re tsohe le yena ho bontsha se etsahalang ho rona moyeng ha o ne o shwele dibeng tsa hao Modimo o etsa hore o phele ka Kreste).

Ba-Galata 3:27 (26-28). Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.

Ke ditshepiso dife ho bao ba neng ba kolobeditswe ka Kreste?

I Petrose 3:21. Se tshwantshwang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale - e seng e hlatsuwang ditshila tsa mele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo - ka tsoho ya Jesu Kreste.

Hoya ka temana ena ke dife ditholwana tsa kolobetso?

E kaba sena se tla ruta hore ho feta ka mokgwa wa kolobetso ho lekane fela?

Hobaneng kapa hobaneng ho se jwalo?

Ha rena letswalo la ho se etse se re tsebang hore re lokela ho se etsa, kapa ho etsa seo re tsebang hore se fosahetse letswalo le letle re le fumane jwang?

Sena se etsahala jwang temaneng ena?

Ho kolobetswa hape Diketso 19:3-5 (1-7). Jwale Paulose a botsa, a re ho bona le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re ka kolobetso ya Johanne. Paulose a re efela Johanne o kolobeteditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang ka mora hae e leng Jesu Kreste. Eitse ha ba utlwa hae, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu. Ena ke yona fela taba ya ho kolobetswa hape Testamenteng e Ncha. Mohlomong mokgwa wa kolobetswo ya pele o ne o lokile empa o ne o etsetswa lebaka le fosahetseng.

E kaba hona ho bolela hore motho o lokela ho kolobetswa hape ka mokgwa kapa lebaka la hae la ho kolobetswa pele ha le ka la kopana le dihloko tsohle tsa Bibele na? Hobaneng kapa hobaneng ho se jwalo?

DITHUTO TSE TSWELLANG

Testamente e ncha e ne qhadile ho ngolwa ka puo ya se Gerike. o ithuta moelelo wa mantswe a qhalo ya se Gerike a thusa ho utlwisisa seo Jesu le mapostola a buile ka kolobetso.

Lentswe la se Gerike ho fafatsa ke rhantizo (Kapa mokgwa o mong wa letso ena). E sebediswa Testamenteng e Ncha ho fafatsa ka madi le ka molora (Ba-Heberu 9:13,19,20). Empa e seng lebakeng la kolobetso.

Lentswe la se Gerike la ho tshela ke cheo (Kapa mokgwa o itseng wa leetsi lena). E Sebediswa ha ngata Testamenteng Encha. (Mattheu 26:7 - Sehlare, Luka 10:34, Oli le veine; Diketso 2:17,18, Le moya, Jwalo, Jwalo). Empa ha e sebedisetswe kolobetso.

Lentswe la se Gerike "baptisma" ke lebitso le hlalosang "kolobetso" ka hlaloso ya rona ya Sesotho. E bolela mokgwa wa ho diketsa ho kwahela le ho hlaha, hoya ka hlaloso ya mantswe a Testamente e Ncha e ngotswe ke W.E. Vine. Mokgwa wa leetsi ke baptizo, e tswang lentsweng la se Gerike bapto e bolelang ho diketsa W.E. Vine o hlalosa baptizo jwaleka e sebediswa mahareng a magerike ho bontsha ho betolwa ha mmala wa seaparo, kapa ho kga metsi ka ho diketsa sejana se seng ka ho se seng jwaleka Jesu le barutuwa ba nnile ba sebedisa lentswe la ho diketsa ha buwa ka ho kolobetsa mokgwa o ne o utlwisiswa ka lentswe le sebediswang puong ya ho qhala.

Mokgwa o re o filweng Testamenteng e Ncha oo ka ona ka bonngwe re dumetse ho Jese Kreste jwaloka mora Modimo. Ba bontsha tumelo ena ka ho sokoloha kapa ho tloha dibeng tsa bona. (Diketso 2:38; 26:20). Ka ho bolela tumelo ya bona ho Jesu Kreste phatlalatsa. (Diketso 8:37; BaRoma 10:10). Le ka ketso ya kolobetso ya Bokreste. Jwaleka e mong le e mong a batlile ho shwa dinthong tsa kgale le hore a tswalwe bocha ho Jesu Kreste, ho ne ho ena le kgopotso ya hore Jesu o shwele sefapanong ka baka la dibe tsa rona, a patwa le bitleng a ba a tsoha bafung, diketso tsa kolobetso ya Bokreste di bontsha boinehelo ho Jesu ka ho lakatsa ho shwa le yena sebeng le ho arolela tsohong metsing jwaloka ha Jesu a ile a tsoswa bafung, metsi e le sehopotso sa hlatsuwo eo ba neng ba e lakatsa. Jwaloka ha e le madi a Jesu Kreste a re pholosang sebeng (Matthew 26:28). E bile jwaloka ha re kolobeditswe lefung la hae (Ba-Roma 6:3). Moo madio a tsholotsweng teng kolobetso ke engwe ya ditsela tseo Modimo o di sebedisang, ka madi a hlatswang maphelo a rona.

Hopola seo o ithutileng sona ditemaneng tsena hape o shebe hore na o kolobeditswe jwaloka ha Testamente e Ncha e ruta. Hopola hore Jesu o re laetse hore re kolobetswe (Matteu 28:19; Mareka 16:16). A ba re ruta haeba o nthata o tla mamela seo keo laelang sona (Johanne 14:15)

HO HAPA MOYA - TOHLWANA YA MOKRESTE

2609 - Sesotho

Richard A. Laue

Tholwana ya Mokreste ke ho hapa meya. Tse ding tsa dintho di tla kamorao ho ona mosebetsi. Thuto, ho sebeletsa menahano, ho bina sehlopheng, ho ba mosebeletsi ya hlwahlwa ho tla kamorao ho ona mosebetsi o moholo wa ho hapa ba bang. Jesu o itse, "Ho ba mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng", Moapostola Paulose o itse "ka tsohle ho bolela hore nka kgona ho hapa tse ding". Kenneth N. Taylor o fetola Diproverbia 11:30 ka hore ... "Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo, ya bohlale o hapa meya ya batho". Bibele ha e bolele hore motho ya fumanang tjhelete o bohlale, kapa motho ya fumanang botumo o bohlale, kapa motho ya fihlellang thuto o bohlale. "Empa yena ya hapeng meya o bohlale".

Solomone le yena o itse, "maoto a seritsa ha a lekane" (26:7). Bongata ba dikereke tsa rona, bongata ba batho ba Modimo kajeno bo holofetse ka bobane maoto a bona ha a lekane. Ke kahoo ka hare ho diketeke te tsa rona re na le maoto a malelele kopanong, thutong, tsebong, le monateng, empa maoto a rona a hapa meya a makgutshwanyane, ka mantswe a mang re na le dikereke tse holofetseng. Ha re etseng maoto oohle a Modimo botelele bo lekanang jwale re tswella pele ka hore, "A matle jwang maoto a ba bolelang evangedi ya kgotso, le ho tlsa tsohle tse molemo!

Ho late la ke tse ding tsa dintho ho hapa meya. Modimo a o hlohonolofatse ho ba mokreste ya beyang ditholwona tse molemo. Dintho tsena di bohlokwa ha o batla ho ha meya.

1. Otshwanetse ho tseba hore o pholositswe:

Jwale ka ho se kgone ho kgutlela morao ho tswa tulong e itseng eo o soka o eba ho yona, o ka se hulele motho ho mopholosi ya sa o pholosang. Sebete le ho kgothatsa ho tla ho bao ba tsebang hore ba pholositswe. Ho ba feela molatedi wa kereke ho ke ke wa o etsa mohapi wa meya. O tshwanetse ke ho tseba hore o pholositswe, hore Kreste o a phela le hore o mafolofolo bophelong ba hao. Hlokomela ditemana tsena ka kgolwa. I Johanne 2:3-6, 2 Timothia 1:12, Baheberu 10:22.

2. O tshwanetse ho ya:

Mopesaleme o re, "Mojadi o tswela pele a ntse a lla, a jere dipeo tseo a di hasang, o tla kgutla ka thabo a ntse a thotha mangata a hae". (Dipesalema 126:6). Ho hapa meya o tshwanela ho tsepamisa mahlo, pelo, le kelello hodima ba etsadibe ba lahlehileng, e ebe o ya ho bona ka ditaba tse molemo. O tshwanela ke ho ya hape, le hape, le ho ya hape ha ho hlokahala, bula tsela ho ya lemating la hae. Ke na le ba bang ba batho ba lahlehileng bao ke ba etelang bosiung ba mantaha o mong le o mong ho fihlela ba amohela kreste e le mopholosi wa bona. Molao o moholo o re "Eyang" ela hloko Mattheu 28:18-20.

3. Hlokomela meya:

Ithute ho nahana ha o kopana le motho eo o sa mo tsebeng "ana o lahlehile kapa o pholositswe? Batlisisa ka pele kamoo o ka kgonang. Elellwa sena-batho bao o ba etelang tsatsi le leng le le leng ba tlo ho bona bophelo bo sa feleng kaekae. Eba le mokgwa wa ho tshwenyeha seemo sa moya wa motho. Re tshwanetse ke ho fumana boitshwaro bo tshwanang le ba John Wesley, "Lefatshe ke bofelo ba rona". Le e mong ya lahlehileng ke boikarabelo ba rona.

4. Nka lentswe la Modimo:

Ho ya ka nna ho bohlokwa ha o ka nka buka ya Testamente e Nthja ho na le ho nka Beibele e kgolo. Se ke wa tshabaBeibele, empa Testamente e Nthja o ka nka hohle moo o ya teng. Se ke wa eba kantle ho lentswe la Modimo ho ba wena o ka se tsebe monyetla wa ho hopa meya ho tla tla neng. Mohapi wa meya o tshwanela ho ba jwaloka moshanyana wa sekaoto - I tukise.

5. Eya le ba bang:

Bongata ba bahapi ba meya Testamenteng eNthja ba ne ba etsa ba le babedi ka bobedi. Ho na le mabaka a mangatanyana. (1) Ho na le matla bongateng. E mong a ka kgothatsa e mong. (2) Ke ho ya ka lentswe - Jesu o. Itse a romela barutuwa ba hae bobedi ka bobedi. (3) Ho thusa ho boloka tsela e bonahala.

6. Ha o tswela kantle, hlokomela hore o ilo ho bona e mong a tla ho Kreste. Se ke wa bitsa feela ho fumana moutlwi. E re ha o palama Porch, "Modimo ke dumela ba tho bana ba ka tlung ba tlo pholoswa bosiung bona." Mamela seo Jesu a se boletseng "ha o dumela, tsohle di a kgoneha ho yena ya dumelang". (Mareka 9:23) tsamayang ka tumelo.

7. E ba le monahano le botho:

Eba le boitshwaro, botho le boikokobetso o ha kena ka ntlung, Kamorao o imemile matlong a bona. Batho ba bangata ba phela matsatsi ohle ba sa utlwe le lentswe la botho. Re phela lefatsheng la boikgohomoso. Batho ba rata hoba le dintho tse ntle tse tsebahalang. E ba mohlokomedi. Se ke wa etsa kgang-emela morena Jesu. Se ke wa rera mollo wa dihele. Tlohela seo hodima moreri wa sontaha. O tshwanetse ho yale ho ikokobetsa le ho rata batho ba ka amohela Jesu jwale ka mopholosi.

8. Lemoha matla a maholo lentsweng la Modimo:

Lentswe la Modimo ke sebetsa sa rona. Modimo o itse ka Jeremiah (23:29). "Na lentswe la ka ha le jwaloka molla ho bolela Jehova, le,jwaloka noto e thuhang lejwe na"? Emela bowena - ka mehla yohle emela lentswe la Modimo le ba-tho bohle ba tla pholoswa. Ela hloko ditemana tsena: 2 Timothea 3:16, Baheberu 4:12.

9. Lemoha matla a maholo a thapelong:

Jesu o itse ... "kopang mme le tla newa, batlang mmele tla fumana, kokotang, mme le tla bulelwa, hobane e mong le emong ya kopang, o a newa, ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang. (Mattheau 7:7-8). Sena se bolela hore ha re kopa Modimo ho pholosa moya o itseng, o tla fela a etse jwalo. Thapelo ke matla a maholo ho motho ya hapang meya. Ela hloko ditemana tsena: Mattheau 21:22, Johanne 16:24, Jakobo 4:2.

10. Lemoha matla a maholo a moya o halalelang:

Dikete tse tharo tsa batho di ile tsa pholoswa hobane barutuwa ba ne ba tletse ka moya o halalelang. Banna le Basadi ba tletseng ka moya o halalelang matsatsing ana ba tla bona meya e pholoswa. Jesu o itse "le ha o ka ba jwang kapa jwang, empa etlare bobane eo a tle, e leng moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona. Empa tseo o di utlwileng, o tla di bolela, le hona o tla le tsebisa tsetla tla. Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona". (Johanne 16:13-14). Moya o halalelang o tla re bontsha tsela eo re tle hapang meya ka teng. Kopa matla ho Modimo ho hapeng meya.

11. Eba le moqoqo:

Ha o kena ka tlung, eba le seoose buang, Etsa batho ba ikutlwe ba phutholohile. Dumedisa bohle ka tlung. Babapadi morao sehlopheng sa bolo ba bonahala ba le bohlokwa ho na le moshemane ya thusong ka metsi hobane ke bona ba tshwereng bolo. Mohapi wa meya o tshwanetse ho tshwara bolo. Ha o qhanollotse hape o fumaneha ka tlung, yeo o mo hapang le ena o tla fumaneha. Hona ho bohlokwa, pele o ka sebetsana le moya o lohlehileng.

12. Dula Tabeng:

Satane o tla leka ho o tlosa tabeng ya pholoso, empa e ba tabeng. Seporo sa terene se ntse itekanetse matsatsing ana, hobane dilemong tse fetileng se ntse se tsamaya moo ho tshwanetseng teng. Ditereke di shwele kajeno, hobane di tswile tabeng. Tabakgolo ya kereke ke ho hapa meya. Eba tseleng eo o se ke wa tloha. Batho ba tla botsa hore kaine o fumane mosadi kae? Ana o ka nwa wa ba wa pholoswa?" "O nahana hore ho lokile o ka ba kgweding?" Ha potso ena e hlaha, e re, "Ke potso e ntle hape kamora hore re qete, re tla kgutltla ho yona ho e sekaseka" dula tabeng.

13. Fumana tsela ya ho hapa ba lahlehileng:

O ke ke wa pholosa motho ya sa lahlehang. Ha motho a tetebela ebile a tseba, o tla amohela thuso, empa ha a sa tsebe a ke ke a amohela thuso. Ho a tshwana semoyeng. Ho fumana batho ba lahlehileng, o tshwanetse ho sebedisa lentswe la Modimo. Dintlha tse mmalwa tse latelang, ke dipotso tse etsang hore motho ya lahlehileng a lemohe maemo a leng ho ona.

14. Na o mokreste?:

Karabelo ho sena hangata ke e reng, "ke ya kerekeng e itseng le itseng" kapa "Mme" wa ka o nkisitse kerekeng". Empa wa bo na motho enwa hantlentle ha a arabe poko, jwale he latela potso ena ka enngwe.

15. Na ha o shwa kajeno o ya lehodimong?:

Sena, se boweneng, hape ha se etse kamano bolokong ba kereke ka pholosa kapa ho ya lehodimong. Hangata karabelo potsong ena e tle e be, "e ke tshepa jwalo" kapa "ha ke tsebe. Ana e teng tsela e nngwe ya ho tseba?" Potso enngwe ya latela.

16. O rata ho tseba na?:

O rata ho tseba hore o ya lehodimong na? Hangata karabo ya yona ke ena, "Hobaneng, Ee, ha eba ho a etsa hala, nka rata ho tseba" mona ke moo o bulang lentswe la Modimo hape o dumelle lentswe la Modimo le sebetse hodima moya o lahlehileng.

17. Mmontshe hore bohle ba sitilwe:

Testamente e Ntjha e senola hore: "Ha ho le a le mong" (Baroma 3:10) hape "hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo" (Baroma 3:23). Bibele yohle e ruta ka tlhaho yohle ya sebe.

18. Mmontshe moputso wa sebe:

Paulose o ruta "moputso wa sebe ke lefu" (Baroma 6:23). "Sebe se sa tshwarelwang se bolaya motho ka ho sa feleng". (Baroma 5:2) le (Tshenolo 20:11-15).

19. Mmontshe mpho ya Modimo:

"Moputso wa sebe ke lefu, empa neo ya Modimo ke bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste morena wa rora" (Baroma 6:23). (Johanne 3:16) e re bontsha hore Modimo o ratile batho hakaalo o bile wa le nea mora wa ona ya nnotshi. Jesu o lefile sebakeng sa sebe. (Baroma 5:8). Bontshisa tsena bohle ho fihlela boemong ba hore a be a utlwisie.

20. Mmontshe hore a ka amohela mpho ya Modimo mahala:

Kapa a ka amohela Jesu Kreste jwaleka mopholosiwa hae, hore dibe tsa hae di tshwarelwe. Johanne 1:12 e hlalosa ... "Empa bohle ba le amohetseng le ba neile tokelo ya ho bitswa bana ba Modimo". Mpho ha se mpho kantle le hore e amohelwa. Kenya Tshenolo 3:20 ntlheng ena. Bontsha ntlha ya hore o amohela Jesu Kreste hape ho fana ka bonnete ba hore a be le bonnete ba pholoso ya hae o tshwanetse ho

21. Dumela ho Modimo:

Mongodi wa Baheberu o itse "empa tumelo ha e le siyo ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang ka teng, ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng le hoba ke oona moputso wa ba o batlang". (Baheberu 11:6). Tumelo ke motheo wa tumelo. Beibele e senola hore "Tumelo efela e tla ka ho utlwe mme kutlo e tla ka polelo ya Modimo".

22. Sokoloha sebeng:

Tshokoloho ka tumelo ke ntho e hloka halang. Ka matla Luke 13:3 le Diketso 17:30 re fumana tlhokeho ya tshokoloho e senolwa. Tshokoloho ke ho fetoha ha kelello le pelo e lebang ho fetoheng ha mokgwa.

23. Ipolela:

Hore o pholoswe o tshwanetse ho bonahatsa tumelo hape tshokoloho ka boipolelo. Hlokomela Baroma 10:9-10 le Mattheu 10:32. O dumela ka pelo hore o bewe ya lokileng mme o bolela ka molomo hore a bolokehe.

24. Tswalwa la bobedi:

Sekaseka tswalo e ntjha jwaleka Jesu ae bapisitse ho Nikodema ho Johanne 3:1-7. O itse o o tshwanetse ho tswalwa la bobedi. Ke ka metsi le ka moya. Tswalo e le nngwe ya metsi Testamenteng e Ntjha ke kolobetso ya mokreste. Jwale sebedisa Mareka 16:16, Diketso 2:38, Baklosse 2:12, Baroma 6:3-6.

25. Se e tlohele:

Ba susumeletse ho tswalwa la bobedi; ho amohela mopholosi. Tloho hantle hape o ba kope ho amohela Kreste. 2 Bakorinthe 6:2 e hlalo sa hore "ke letsabi la pholoho" Re tswanetse ho pholoswa nakong ya jwale. Ba kope ho "betsa lebitso la Morena, le ho pholoswa" Baroma 10:13.

26. Ba kope ho kolobetswa:

Hangata Testamenteng e Ntjha batho ba ne ba kolobetswa "ka nako eo ya hore ya bosiu" kapa hohle moo ba amohetseng Kreste. Kamohelong Kreste le Kolobetsong ho Kreste ba tlameha ho be le kopano-mmoho ha ho kgonahala.

27. Raoela pele o ba tlohela:

Neng kapa kae, ha o etsahala, rapela le bona, dula o ntse o kopana le bona. Ha o ba kganneha ho Kreste o tshwanetse bo ba hlokomela hape o ba thuse ho hola mohaung le tsebong ya Morena.

Qetello:

Se ke wa lebala hore ho hapa meya ke ntho ya pele hape e bohlokwa ho fetisisa mosebetsing wa bakreste le dikerekeng. Ha eba ose o kgodisehile hore meya e tshwanetse ho pholohelwa ruri, etsa se seng kahoo. Haeba o sa nke kgato, bu kana ena e hlolehile.

SETSWALLE LE MODIMO

2661 - Sesotho

Dilemong tsa ngata tse fetileng ke ile ka mamela molaetsa o reng: "Sebe se seholo se bonwang kahare ho Bakreste". Ke ile ka makala seo moruti a ka se bolelang e ne e le sebe seo Bakreste ba leng molato hape ke ile ka nahana qetello ya hae e ne e le nnete - hore Sebe se seholo sa rona ke Sebe sa ho se nehele kaofela - Tsela ya boithatelo ho dumella Modimo ho ba le tsela e lokileng - ntho ya pele bophelong ba rona.

Ke ile ka dumela ka pelo yaka yohle hore thuto eo rona Bakreste re tshwanetseng ho ithuta ke ho bea dintho tsa pele. Lentswe la Modimo le Senola ha bohloko ke dife dintho tseo tsa pele

Kamora hore a bolelle barutuwa ba hae hore: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. (Mattheu 6:25-32). Jesu are; "Batla pele mmuso wa Modumo le ho loka ha wona pele" hape o ile a tshepisa hore o tla eketsa dintho tse ding ho ya ka ditlhoko tsa rona.

Mantswe ana a matle a tswang dipounameng tsa Morena di ka bolela ntho e le nngwe: Dintho tsa Modimo di tla pele ho dintho tse ding - re tshwanela ke ho inehela borana ka ho fella ho yena - ho re fa dintho tsa pele bophelong ba rona.

Modimo o bewa e le wa pele nakong ya pele hobane o tsamaisa nako ya rona. Dilemo tseo re ka di phelang lefatsheng lena di matsohong a hae. Modimo o tshwanetse ho ba le kopo hodima matla a rona ka baka la bophelo ba rona, ho tswa moo re fumanang matla a rona, a ka tlasa thato ya hae. Modimo e fela a na le kopo hodima bokgoni ba rona hobane a re fa ditalente tsa rona tse fapaneng.

Hape ho a hlokeha tatellong hore Modimo o tshwanetse ho ba le kopo ya pele hodima tjhelete ya rona hobane tjhelete eo re e amohelang e tla hantle ka baka la tshebetso ya nako ya rona, matla le kgoneho, ya tseo Modimo a re neileng tsona.

Bothata ba rona, hona-jwale - ba hao le baka - bo qala pele bo bonahatsa qaleho ya Modimo dinthong tsena hape le ho re bontsha kopo ya hae tseleng eo re e phelang le ho hlokomela mathaqta a rous.

Haeba re beha Modimo pele re tshwanetse ho sebedisa karolwana letsatsi le leng le le leng ho ithuta lentswe la Modimo hape ho phela bophelo ba thapelo. Matla a rona le bokgoni ba rona di tshwanetse ho mo paka hape le ho mo sebeletsa matsatsi a ho phela ha rona.

Empa ha re nehela dintho tsena le ho kqutlisa tjhelete ya rona, re lahla karolo e kgolo ya botsebi ba Bokreste ba rona, Modimo a ke ke a tlatsa sebaka sa pele maphelong a rona kantle a tla pele dibukeng tsa mekotla ya roua. Jesu o hatella nnete ena ha a ne a re: "Moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo pelo ya hao e leng teng".

Boitshwaro ba Rona Tjheleteng

Hobane bongata ba rona, ntho e thata haholo ho tsohle ke ho nehelana ka tjhelete ya rona. Ho bonolo ho utlwisisa, hobane ka tsebo ya rona tjhelete eo re e amohelang ke maphelo a rona - nako ya rona, matla di itshetlelehile hodima tjhelete.

Modimo o batla hore re hopole kamehla yohle hore tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho yena - seo se re fa nako, matla hape le bokgoni hoo re fumanang tjhelete eo re e amohelang. Qetellong ya dintho tsohle, tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Modimo hape di entswe ke yena. Ka tjhebahalo ya ho ba le tsohle le kamohelo ya rona, Lentswe la Modimo le re ruta hore re tshwanetse ho qhelela ka thoko - feela karolo ya leshome - karolo ya leshome profeteng le kemong ya tjhelete - nehelana ka tseo ho yena - o di sebedise e le tlotla le kganya ho tswellisa mosebetsi wa hae le ho thusa bankarona.

Mosebetsi wa Rona

Ha Modimo pele a kopanya batho ba Bajuda e be setjhaba o ile a ba nea molao o reng, (Levitike 27:30), "boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova, bo a halalela ho Morena" hlokomela hore ha e re: "Boshome bo tshwanetse ho fuwa Modimo" e re: "Ke" ba Jehova.

Dilemo tse fetileng moprofeta Malakia o ne a laela batho ba Bajuda ka baka la ho se itshware hantle le ho se ikokobetse melaong ya Modimo. Bukeng ya Malakia 3:7-9 Modimo o bua ka molao wa boshome. Ha a behe batho molato ho se hlomele mose betsi. Ha a nahane hore ha ba so ka ba lokoloha ka ho fella. Ore, "Le nthopile boshomeng le menehelong".

Polelo ena e nyane e bolela hore ha ba hula karolo boshomeng ba ne ba nka ho tswa ho Modimo ntho e e leng ya hae.

Potso ka dinako tse ding e ka tsoha e le hore molao ona wa boshome o ntse o tlama hodima badumedi kajeno. Kannete lerato la rona ho Modimo, tsela ya rona ho yena pholosong eo re nang le yona ka baka la mora wa hae hape kamohelo ya rona dihlohonolofatsong tseo re di fumanang ka nako ho tswa matsohong a hae e tshwanetse ho re kgodisa ho utlwa hore boshome bo tshwanetse ho ba bonyane ba bakreste - ke seo re ka se neang Modimo ho bontsha lerato la rona ho yena ho tsohle tseo a di entseng ho rona.

Tlisa Dihlohonolofatso

Modimo o tshepisa ka hore yena eo a hlohonolofatsang bao ba tshepahalang ho mo hlompheng ka boshome ba bona. Bukeng ya Malakia 3:10 re bala hore, "Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo tle di be teng tlung ya ka, le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!"

Ho feta dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano hore ke bue le Bakreste ka boshome ke ile ka hloka ho kopana le e mong ya tshepahalang boshomeng phumanong ya hae kantle le ho fumana dihlohonolofatso. Ho bea Modimo pele ho etsa tjhelete karolo ya bophelo ba rona ho tlisa temohelo e kgolo hore Modimo ke molekane wa rona ho tsohle tseo re di etsang. Ha dipelo tsa rona le dibuka tsa mekotla ya rona di nehelwa yena re ka hula bohlale ho tswa ho yena ho re thusa ho kgona mathata a o re kopanang le ona letsatsi le letsatsi. Ka potlako dihlohonolofatso ke tjhelete hape ke semoya. Motho ya nahanang ka nako ya hae le matla a hae a tswa ho Modimo o tla mosebetsi ya lokileng, tshwanelo ya phahamiso le kekeletso bokgoning. Monna wa morui kapa ya rutehileng ya hlokomelang bokgoni ba hae e le mpho ho tswa ho-Modimo - yeo a batlang tsamaiso ya Modimo mathateng a hae - o tla atleha ho isa hodimo.

"Empa dihlohonolofatso tsa semoya tse tlang ka boshome di hole ho hang ho feta dihlohonolofatso tse bonahalang. Jesu o rutile, ho lehlohonolo ho fana hona le ho amohela." Hona le thabo e ngata e fumanwang ho neheng ho na le ho amoheleng. Tjhelele eo re e beang kajeno ho phatlalatsa Evangedi ya Modimo le lerato la hae le ho thuseng metswalle ya rona e seng fela ho mekoloto thabong le ho kgotsofaleng ha re ntse re le mona lefatsheng empa e putsa mekoloto ya ho qetela lehodimong.

Bopaki ba Bantshi ba Boshome

Bongata ba barui le baetapele ba tjhelete e ne e le bantshi ba boshome. John D. Rockefeller o qadile ho ntsha boshome ha a ne a qala ho amohela moputso wa beke. William Colgate ya tsebahalang wa sesepa sa meno le dintho tsa matlwana, Hershey wa "Hershey’s Chocolate", Heinz wa "57 varieties", Kraft wa "Kraft Cheese", Jarman, moetsi wa dieta, Kellog wa "Corn Flakes" fame. Kerr wa "Kerr Fruit Jars", John Wanamaker, motshwari wa setoro. - boihle ba ne ba hlompha Modimo e le batshepehi ba Modimo.

Hore ba Fumane hantle boshome borobong ho saleng ho nkeng boshome ba Modimo jwaleka ha ba ile ba etsa boshomeng - boshome pele ba qala ho sebedisa boshome ba Modimo ka hlompho ya hae le kganyake ntho e bo hlokwa ho bantshi ba boshome:

Re ka re ka nnete hore Modimo o re hlohonolofaditse haholo. Tjhelete e salang kamora ho patala boshome ba rona e bonahala e ntse e ya hole ho feta keno kapa moputso wa rona ha re ne re sa ntshe boshome".

"Ke re ke le mohlolohadi dilemo tse leshome, dintho di ne di sa se bonolo kamehla empa di bile ntle kamoo Modimo ba butseng diphera tsa lehodimo. Le tsona dikoloto, ho kula jwalo-jwalo. Boshome bo ile ba patalwa pele hape ka dinako tse ding ho saleng ha boshome-borobong bo ne bo le bohlokwa kamehla. "Oho, ke dihlohonofatso tse jwang tseo Bakreste ba sa kgoneng ho di fumana ha ba sa ntshe boshome."

Re ntsha boshome hape ka mohlolo re fumana mekoloto ya rona e patalwa hanyane hantle jwaloka ho feta pele, leha moputso wa rona o sa eketswa. Hape le thabo le kgotso ho tshepahaleng ditshepisong tsa rona."

"Ho ithuteng ho behella ka thoto boshome ba moputso wa ka jwaleka "Sacred Trust Fund" ho behelwa mosebetsing wa kereke e bile ntho e thabisang eo ke neng ke se na yona bophelong ba ka. Kahlolong ya ka e mong le e mong ya ithutang ho ntsha boshome feela selemo se le seng a ke ke ho tlohela."

Bongata ho Feta Boshome

Haebe boshome ke ba Modimo, jwale ho fana ha rona ha ho qale hofihlela kamorao hore Modimo a amohele boshome ba hae ba pele. Ha Modimo a hlohonolofatsa hape a atlehisa tjheleteng re tshwanetse ho bontsha kamohelo ka lerato. La dimpho hape le la monehelo ho feta le hodima boshome.

Morao ka 1935 e mong wa ba tsa lefatshe kapa naha y a tsejwang ka Coy Langford o ne a le mokolotong wa $500 (didolara tse makgolo a mahlano. O ile a qala ho ntsha boshome. O ile a patala mekoloto kaofela pele e eketseha kapa e e ba nako hape ka $1200 (didolara tse sekete le makgolo a mabedi) a qala ho bula mosebetsi o o e leng wa hae le kantoro ya hae lapeng la hae. O ile a bula banka ho kenya kapa ho bea boshome ba hae le menehelo ka tlasa lebitso "Jehova le Langford" Modimo o mo hlohonolofaditse tshepahalo ya hae hape Jwale ka Modimo a ile a mo atlehisa o ile a eketsa ho fa Modimo ho fihlela 25c (disente tse mashome a mabedi a metso e mehlano) ho e nngwe le enngwe ya dolara eo a neng a e fumana e ne e ya kerekeng le mosebetsing wa kereke.

Monna e mong wa North Carolina Lumber o ile a ntsha boshome ka dilemo tse ngata. Jwale ka Modimo a ntse a eketsa moputso wa hae, o ile a eketsa Modimo ho fihlela hape Modimo o "tla" eketsa, pele ho qala ka 15%, hape 20%. Modimo o ile a dula a ntse a hlohonolofatsa. Qetellong, o ile a reka motjhini wa tshilo a nehela ka 50% ya porofete ya hae. Ka nako e ka etsang dilemo tse supileng ho feta $100,000 (ditolara tse dikete tse lekgolo) tsa porofete ya motjhini wa tshilo di ile tsa sebediswa ho hodisa mmuso hape Fred Long o ile a fumana thabo e kgolo ho faneng kapa ho arolaneng le Modimo ka ditsela tse tla mo phahamisang.

E mong wa moetsi wa dikoloi wa Tennessee ya utlwileng molaetsa ona a qala ho ntsha karolo ya leshome, karomorao o e ngata!

"Ke ile ka ithuta hore ho etsa setswalle le Kreste le ho atamela dintho tsa Semoya hape hanyane dinthong tse bonahalang dintho-tsohle di sebetsahala hantle le ho feta ke haholo jwale ditjheleteng ho feta pele. Ke ile ka qala ho ntsha boshome empa le ha ho le jwalo le ha ke na le tjhelete e nyane, ke ne ke dula ke ntsha boshome, hobane e ne e le mohlodi wa thabo ya ya ya Bokreste. Ke ile ka ithuta hore boba motswalle wa Kreste hape le ho ba le tokelo ya ho tshwara bonyane ba kgwebo ya hae e kgolo ho feta tseo lefatshe le ka fanang ka tsona.

O ka Ntsha Boshome Jwang

Haebe o amohetse Jesu e le mopholosi le morena wa hao, empa o nehetse ho Modimo tse setseng ho moputsong wa hao kantle le ho ntsha boshome, ke moo o fositseng tse ding tse kgolo tsa dihlohonolofatso tseo Modimo a di behetseng bana ba hae.

Ithute ho ntsha boshome kajeno - ho amohela phephetso ya Modimo bukena ya Malakia 3:10. E tla tlisa thabo eo o so kang o e bona pele ho tumelong ya hao ya Bokreste - thabo ya ho tseba hore o na le karolo e bohlokwa ho thuseng ho phahamisa Mmuso wa Modimo lefatsheng le hlokang - kgotso e ka tlang fela ha re bea Kreste pele maphelong a rona.

Ho bao ba nang le tjhelete ya ya selemo, ho ntsha boshome ho bonolo. Etsa hore o behele ka thoko katolo ya leshome (10%) moputsong wa hao ho e tlosa tjheleteng eo o e sebedisang. "Ka letsatsi la pele la beke ha e mong le emong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye tseo a sisitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.

Dipotso tse ngata di a botswa ke dintho tse fe tse ka etswang hore ho hulwe moputsong. Karabo e ntle hoena potso ho tsena tsohle ke - "Eba hantle le Modimo jwaleka ha o ka lebella motswalle wa dikgwebo ho ba le wena. Hape ha o nka mohlala ona ho tla ba le tlwaelo eo o ka e etsang tsamaisong ya leano lena.

Haebe o sa amohela Kreste e le mopholosi wa bophelo ba hao, ha ke dumele hore o tla amohela hlohonofatso ho tswa boshomeng. Ditshepiso tsa Modimo ke sa bana ba hae, eseng ho bao ba hanang mora wa hae. Bala Johanne 2:16 le 36, le Baroma 10:9,10, hape bea tshepo ya hao ho yena.

Kgutsufatso

Qebellong ha re boneng ha kgutshwanyane mabaka hobaneng wena le nna re le badumedi re tshwanetse ho ntsha boshome ba moputso wa rona.

1. Boshome ke leano la Modimo moo badumedi ba lemohang kopo ya hae nakong ya bona, matleng, bokgoning le tjheleteng.

2. Boshome ke tsela e bonahalang ya ho bontshahatsa lerato la rona le hlompho ho Modimo ho tsohle tseo ba bang ba nang le tsona.

3. Boshome bo ne bo latelletswe ke Morena le mopholosi, Jesu Kreste.

4. Boshome bo tla thusa bopelo ba semoya, ho re etsa hore re thabe, le ho ba Bakreste ba nang le ditholwana.

5. Boshome bo tlisa dihlohonolofatso tjheleteng.

6. Boshome bo bohlokwa hape ho obameleng pele le taelong e kgolo - "Ke tla RATA Modimo ka pelo ya ka yohle, le ka moya waka ohle le ka monahano waka ohle."

Amohela phephetso ya Modimo bukeng ya Malaka 3:10 mo nehe leano le bonahalang ho fihlela selemo se tlang. Ke ile ka nahanela pele hore ho tla ba le monate kapa thabo ya selemo Bokresteng ba hao. Le hore o tla phetsa ho ithuta ha fela o ntse o phela.

Ke leboha Modimo ho nketella pele ho bona hore tsohle seo ke leng sona le hore di ho yena hape le ho lemoha thabo e tlang ha e mong a le setswalleng le yena. Ke lekile leano la Modimo. Le sebeditse. Ke a o kopa hore o le leke le wena.

KE TSHWANETSE HO ETSANG HORE KE PHOLOSWE?

2662 - Sotho

MOPUTSO WA SEBE

E ngole mangolong a mollo malebana le mahodimo, ha e tjhese kahare ho dipelo tsa batho - ona molao o reng: "Moputso wa sebe ke lefu." - Baroma 6:23. Ka dinako tse ding ha re lemohele bobe boo sebe e le sona. Re kotsing ka ho ithatafatsa. Ho sona, Sebe se ka mehla yohle se lwantshana le botle, se a iphethapheta hape se a thetsa se a ipata le ditlamorao tsa sona, monahano wa rona ka sebe o ka nako tse ding o a ipopa ka bolokolohi thutong ya Beibele, dibe ka baka tse ngata di fana ka boapeso ba ferefe - borashe ba setaki, pene ya mantswe a sengodi, lentswe le hohelang, tsohle di ile tsa bokangwa ho nea sebe kapeso e ntle ya ferere". Pampitshana botlolong ya tjhefo e ka fetolwa, empa dikahare e tla dula entse e le lefu. Ha ho na tloso moputsong wa sebe". Moputso ke "kotlo e sa feleng". Mattheu 25:46, II Bathesalonika 1:7-9, Tshenolo 20:14-15, kantle le hore dibe tsaka di tshwarelwe, ke lahlehile.

TLHOKO YA KA YA PHOLOSO

Nka se be seo lefatshe le mpitsang moetsadibe ya motsho, nka nkuwa ke le motho ya lokileng, ka tse ke di entseng, "Tse ntle dintho tse lokileng" empa ke sitilwe, mme ha ke tshwanelwe ke kgana ya Modimo. Baroma 3:23, I Johanne 1:8-10. Ha hona se nka se etsang ho latela dibe tseo ke di entseng; ke ka fela mohau wa Modimo ke ka pholoswang.

TLHATSUHO E TSHWANETSE HO ETSWA

Modimo ke Modimo o mohau, empa ke Modimo ya a ke ke a tlosa molao o sa feleng hore moputso wa sebe ke lefu. Hape ho na le molao o mong o reng. "Kantle ho tsholoho ya madi ha hona tshwarelo." - Baheberu 9:22. Kantle hore hlatsuho e etswe, "Modimo a ke ke a ba kahohle ho loka hape le pheko ho ya sitilweng". Baroma 3:21-26. Bongata ba diphoofolo bo ne bo etswa sehlabelo dialetareng tsa Bajuda, empa ha ho kgonahale hore madi a diphoofolo a ka tlosa dibe. Baheberu 10:1-4. Dihlabelong tsena ho ne ho ena le "Kgopolo e entsweng ke dibe". Ho shebeng pele ho "madi a theko e hodimo jwaleka ka konyana e se nang moalato le sekodi, fela jwalo ka madi a Jesu Kreste". I Petrose 1:19).

MADI A HLATSWANG

"Ha hona se ka tlosang sebe saka, ha hona empa madi a Jesu, Ha hona se ka nketsang ke hlweke hape, empa ke madi a Jesu feela".

"Kreste o shwetse dibe tsa rona ho ya ka mangolo" - I Bakorinthe 15:3. Ke ka fela ka madi a hae a hlatswang re ka pholoswang. "Ke ho mang [Kreste] re na le hla tsuho mading a hae, tshwarelo ya diketso tsa rona, ho ya ka boruo ba mohau wa hae" - Baefese 1:7 le tse latelang.

"Ho ne ho ena le ya neng a rata ho shwa bakeng la ka, hore moya o sa lokang o phele, le tsela ya sefapano a neng a rata ho e hata, dibe tsohle tsa bophelo baka ho tshwarelo".

Dihloholofatso tsa tshwarelo ya botho di fumanwa "Ho Kreste". (Baefese 1:7 kahodimo, le Baroma 8:1-3, 3:24), empa re ka mo fihlela jwang? Re ka inyatsa borona ka botle ba boinehelo ba hae? Moya o halalelang, ka Moaposatola Paulose, a re: "Hobane bohle re bara ba Modimo, ka tumelo, ka Jesu Kreste. Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste - Bagalata 3:26-27. "Kapa ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeditsweng ho Jesu Kreste, a re kolobeditswe lefung la hae na? - Baroma 6:3. Re kena ho Kreste ka ho kolobetswa ho yena ke kahoo. "Ka kolobetso ya Sekreste re tliswa ho nikeng karolo boinehelong ba lefu la Kreste." empa kolobetso ya Sekreste ke efe? Ke kolobetso ya molao o mohlo? Thuto ya Testamente e Ntjha e a bonahala.

KETSO YA KOLOBETSO

Mareka 16:16 - "Ya dumelang, mme a kolobetswa, otla bolokeha empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa".

Diketso 8:12 - "Empa itse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste banna le basadi ba kolobetswa".

Diketso 18:8 - "Empa krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho morena: le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Paulose, ba dumela le Bona, mme ba kolobetswa.

Diketso 2:41 - "Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho dikete tse batlileng ho ba tharo".

Diketso 2:38 - "Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona".

Badumedi ba Penitente, ke baemedi ba nnete ho kolobetso ya Bakreste. Eo ya sa dumeleng kapa yena a sa sokolohang a ke je a kolobetswa semoya. "Kolobetso jwale ka ntho e nyane esa bonahaleng (kantle ho phethoho ya semoya ka pelong ya moemedi) ha e fumanwe Testamenteng e Ntjha". Tumelo (Ena tumelo e tshwanetse ho bolelwa ka molomo - Baroma 10:9, 10) le tshokoloho e tshwanetse ho tlisa kolobetso ya Bokreste.

KETSO YA KOLOBETSO

Lentswe "kolobetso" ke lentswe la segerike "baptizo" ka qetello ya senyesemane; e bolela ho "kenywa metsing". Empa le ha re sa tsebe seo lentswe le se bolelang, mangolo a bulehile moo e leng hore ha hona ya le mong a nang le kopi ya Testamente e Ntjha tshwanetse ho kopakopangwa. Leha e ile ya fokotswa ke dithuto tsa batho le ho tloswa, le jwale Testamente e Ntjha e bontsha hantle.

Mareka 1:9 - "Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng Moemedi o kengwa ka metsing, e seng metsi hodima moemedi. Jesu o kolobeditswe kahare ho Jordane e seng le Jordane.

Johanne 3:23 - "Johanne le yena o re a kolobetsa Enone, laufi le Salime, kolobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.

Ditetso 8:36-39 - "... ba ile ba Fihla moo metsi a le teng ... ba theohela metsing hammoho ... yaba o a mo kolobetsa ... ba tswa kantle ho metsi."

Johanne 3:5 - "motho ha a sa tswale ka metsi le ka moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo" kolobetso ke tswalo, ha hona ntho e ka tswalwang ho tswa nthong e nyang ka boyona; mmele wa metsi o tshwanetse ho ba moholo ho feta moemedi ka kolobetso.

Baroma 6:4 - "Re ile ra patwa le yena ka ho kolobetswa lefung, hore jwalekaha Kreste a tso sitswe bafung ke kganya ya Natae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.

Bakolose 2:12 - "... ho patweng le yena ka kolobetso, moo le tsositsweng le yena". Kolobetso ya Bokreste, e bontsha ho patwa le ho tsoha le Jesu, hape e kenyeletsa ho patwa le ho tsoha ha moemedi.

"Jwale ka Kreste a shwetse dibe sefapanong, jwale yeo ya tla mo sebeletsang o shwele dibeng tsa hae, O sokolohile. Jwale ka Kreste a patilwe lebitleng le letjha, tshimong, jwale yena ya shweleng sebeng o patilwe metsing a kolobetso. Jwale ka Kreste a tsoswa bafung, e be meya e metjha e a tsoha ho tswa metsing a Kolobetso ke sebopuwa se setjha ho Kreste Jesu. Ka lentswe, phethoho enngwe le enngwe ke se boletsweng ka dinnete tsa Calvary. Re tshwanetse ho shwa, re patwe, hape re tsohe.

Metsi. Bongata ba metsi, hotla metsing, ho kena ka metsing, ho patwa, ho tswa ka metsing, tsoho, tswalo - ha hona ketso kantle ho ho kengwa metsing, e ka kgonang ho lekana ka botle Testamenteng e Ntjha setshwantshong.

KETSO YA KOLOBETSO

Diketso 2:38 - "Bakang, mme le kolobetswe ... tshwarelong ya dibe tsa lona; mme le tla nka neo ya moya o halalelang".

Diketso 22:16 - "Mme jwale o diehetseng? Ema, mme o kolobetswe mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena".

Baroma 6:3 - "... Re kolobeditswe ho Jesu Kreste", le Bagalata 3:26,27. Ha ho le bohlokwa ho ya ho Kreste, jwale kolobetso e bohlokwa.

Baroma 6:4 - "... Hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ... le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha".

Johanne 3:5 - "Motho ha a sa tswale ka metsi le ka moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo".

I Petrose 3:20-21 - "... Ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba neng ba se bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing: Se tshwantshwang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale - e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa e leng ho itlama ha letswalo le lette pela Modimo ka tsoho ya Kreste".

Mareka 16:16 - "Ya dumelang, mme a kolobetswa o tla pholoswa.

"‘Tshebetso-mmoho e kopanya mesebetsi e tshwanang, le ho e bea ka ho lekalekana ha mekga ya yona. Hatella hahdo taba ena ke hore: leha dintho tse pedi di kopantswe lentswe "hape", le ntho e a letjwa ka tsona, le ha ho le jwalo bongata bo ka tshwane ka meetso, empa di hlile di tshwana ka botlalo jwaleka ka ntho e letjwang. Mohlala: Modimo o hlodile mahodimo le lefatshe. Mahodimo le lefatshe a fapane hole le ho tshwana ka meetso. Empa di "hlodilwe" ka bobedi ... ha ra ka ra tseba tebello ho ona molao, kapa le hona ha utlwa le e le nngwe ka puo e nngwe le enngwe. Ha re a ka ra dumela hore motho a ka etsa motho e mong. Kantle ho Beibele kapa kahare ho yona, molao o tshwere ka matlanyana a manyane, ho fihlela re be re etla puong ya mora wa Modimo yena ya neang matho pholoso; hape mona motho a ka etsa tebello. Kreste o itse, "Empa ya dumelang, mme a kolobetswa o tla pholoswa". O le ha ho le jwalo tumelo e ngata le kolobetso di ka fapana, Kreste mona o a di kopanya, hape lepa pholoso ya bona" - F.G. Allen.

Ha o na le tokelo ya ho boloka pholoso dibeng tse fetileng pele ho kolobetso, o ke ke wa hanana e mong fela ho ba le tokelo ya ho boloka pholoso ena pela tumelo. Matla a tsgwanang a bopang "tumelo" e le ho tla pele ha pholoso ya rona, e ntse e bea "kolobetso" pele ho pholoso ena. Tumelo kantle ho mesebetse ya tumelo e shwele, lehodimo ha le e, amohele. "Ke moo le bonang hobane motho o bewa ya lokileng ke mesebetsi ya hae, e seng ke tumelo e nnotshi" Jakobo 2:24. Jesu, mohlodi wa pholoso e sa feleng, Morena wa Marena, o kopanya tumelo le kolobetso e le bohlokwa pholosong, Ha ho sebe motho ya di hatikelang.

Re pholositswe ka mohau, mohau, ona wa Modimo. Pholoso e ka se ke ya ba hodimo, empa e tiisitswe. "Mpho ena ya mahala" ha e qobelle ho bao ba e hanang, re ho ho se dumele le seo Modimo a re fileng sona. Ha hona mohau tumelong hape le boikokobetso ka kakaretso, mohlala: ha hona letho tumelong, tshokohong, boipolelong, kolobetso, hape le Bophelo ba bokreste e re dumellang ho fumana bophelo bo sa feleng e le lebaka la mohau. Di mpa feela eli tshwere tsela ya mohauhelo moo wena le nna re ka bang bankikarolo "mpho ena ya mohau" "Bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu Morena wa rona".

Ha modumedi wa mopenitente a kengwa ka metsing ka taelo ya Jesu Kreste ka lebitso la Ntate le la mora le la moya o halelelang, a tshepisitse, ka tlhatsuho ya madi a konyana ya Modimo, hlatsuho ya eibe tsa hae. Jwale o ho Kreste, ke sebo puwa se setjha, o pholositswe, a lopollotswe, o fumanwe, o kgethiwe, a halaletswa, ngwana wa Modimo, ke mokreste.

Hlokomela: O a botsa: "Jwale ka ngwana?" Pele a fihla selemong sa ho ikemela, ha a so etse sebe; ka tsela e jwalo, ha a so ka ka futsa. Jesu o re ho Mattheu 18:3 - "Ha le sa fetohe la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo". Jwale bana Bana ba pholositswe: Ba ke ke ba kolobetswa ho fihlela ba fihlella dilemong tsa ho ikemela, dumela ho Jesus, le ho sokolohela ho yena. Bana ba banyane ba bolelwa Beibeleng, ke seo kolobetso e le sona, empa bana le baKreste ba kolobeditsweng ha ba kopangwe Beibeleng. Ho fafatsa metsi hodima hlooho ya ngwana - ya sa dumelang kapa a sokoloha - Kapa ho kenya ngwana ka metsing - hape ruta ngwana eo hore ha a fihla dilemong tsa ho ikemela hore ketso e kenyeleditse mangola a tlosa boinehelo ba hae ba botho ba hae molaong wa tshwarelo, e kgahlanong le dithuto ka moya o halalelang. Ha hona motho ya ka hananang le dithuto tsena.

Ha modumedi wa penitente a kengwa ka metsing ho ya ka thuto ya mangolo, dibe tsa hae tse fetileng di tshwaretse, empa a ke ke a sula fatshe, a phutha matsoho a hae, a fofela le hodimong hodima borobalo ba dipalesa ha bonolo. Haebe a dumella ho amohela "Keno mmusong o sa feleng wa morena le mopholosi Jesu Kreste". O tshwanetse ho sokola ho phela Bophelo ba Bolreste", (Bala 2 Petrose 1:5-11). Ha re shebeng dinthwana tse mmalwa tse kenyeleditsweng.

LELOKO LA KEREKE

Ha o amohela hlatsuwo ya dibe, badumedi ba penitente ba patwa ka mabitleng a metsi a kolobetso ya bokreste, Modimo o di kopanya kerekeng ya hae. (Diketso 2:47). Molao wa ho tshwarelwa dibe tse fetileng le molao o ka hare ho kereke ya Kreste di a tshwana. Ha motho a kolobetswa, o kolobetswa mmeleng o le mong (I Bakorinthe 12:13, Baefese 4:4); mmele wa hae ke kereke (Bakolose 1:18). Kreste e le hlooho, empa mmele o le mong, kereke e le nngwe, hape le Testamenteng e Ntjha, O inehetse kereke ya hae molao wa kamohelo, sehlopha, le melao. Mantswe a hae e tshwanetse ho ba mohlala, ha re a tshwanela ho batla ho kopanya kapa ho tlosa ho tswa dithutong.

A mang a mantswe a mangolo a sebedisitsweng ka ho aha kereke ke tsena. "Kereke ya Kreste" (Baroma 16:16, ho isa dikerekeng tsa sebaka), "Kereke ya Modimo" (I Bakorinthe 1:2), "Mmele wa Kreste" (Baefese 4:12), "Kereke" (Diketso 12:1).

Ena ke kereke eo motho a kopangwang ha a obamela Evangedi; le Kerekeng ya hae, o tshwanetse ho ba le ho tshepahala ho isa lefung - o tshwanetse ho dula a kopantswe.

Molao o tletseng ka ditshwanelo kapa dihlohonolofatso tse ka lelokong la kereke kapa Bophelo ba bokreste bo filwe lentsweng la Modimo. "Lengolo lohle le buduletswong ke moya wa Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgodisa, wa ho laya, lewa ho hodisa ka kgolo ya ho loka, motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo" - (II Timothea 3:16,17).

Bakreste, ithuteng Beibele ka thapelo, ka bohlale, ka mehla yohle. "Buka ena e tshwere monahano wa Modimo le sebaka sa motho, tsela ya pholoso, ho lahleha ha baetsadibe, le thabo ya badumedi. Dithuto tsa yona di a halalela. Ditsela tsa yona tsa boitshwaro di a tlama, diketsahalo tsa yona ke nnete, le diqeto tsa yona di pepeneneng. E bale hore o be bohale, e dumele hore o pholoswe, ithute yona hore o halalele. E kentse lesedi ho a bontsha tsela, dijo ho o fa matla, le phutholoho e e tlisang. Ke mmapa wa batsamai, kompase ya bakganni ba difofane, sabole ya masole, le ditaelo ho Bakreste. Mona paradeisi e a bolokwa, le hodima le a buleha, le diheke tsa dihele di pepeneneng ... e tshwanetse ho tla tsa monahano, e buse pelo hape le ho eletsa maoto. E bale o iketlile, bonolo, le ka borapedi ... E filwe wena bophelong. E tla bulwa letsatsing la kahlolo, le ho hopoleha kamehla yohle".

Mosebetsi le tlotla ya leloko la kereke ka hlompho ya thapelo, ha faneng, ho hapeng meya, tumelong, tsebong, boitshwarong, tsepamong, bomodimo, lerato la boena, le tse ngata dintho tse jwalo ka tseo, di tla etswa hantle ka lentswe la Modimo.

LEBITSO

Hona le Mabitso empa hona leo e leng lona leo bao ba obamelang Evangedi ba beetswe Testamente e Ntjhi, (barutuwa, baema, bahalaledi, bana ba Modimo, le ba bang, ba bonahatswa ka diketso le dikamano, empa ha se mabitso ao e leng a annete).

Lebitso lena la nnete ke Bokreste, diketso 11:26; 26:28; 1 Petrose 4:16.

Ha motho a kolobetswe ho Kreste, a fetoha mokreste - mokreste fela e seng ntho e nngwe, ha a na tokelo mangolong ho ipatlela ka boena lebitso leo le tla mo tlosang ho Bakreste ba bang Ka mantswe a mang, ha ana tokelo ya ho apara, leloko la kereke ya Kreste, ha hona le leng empa Mokreste. Ho apara mabitso a botho a fedisitswe ke dithuto tsa Testamente e Ntjha - 1 Bakorinthe 3:1-4, Baroma 8:6-8, Bakolose 3:17, I Petrose 4:16.

Mamela mantswe a Martin Luther ha a ne a re: "Tabeng ya pele, ke a rapela hore o tlohele lebitso la ka le le jwalo, hape le se ke la ipitsa Malutere, empa Bakreste. Ke mang Luther? Tumelo ya ka ha se yaka! Ha ke a thakgiswa bakeng la emong. St Paul (I Bakorinthe 3) "Na ha e mong are, nna ke wa Paulose e mong a re ke wa Petrose ke eng le sa ipitse ba Kreste? Nna e nthusa ka eng, mokotla o tletseng lerwele le molora, ho gana ka lebitso la ka baneng ba Kreste? Emisang, metswalle ya ka e ratehang. Ho itswarella mabitsong ana le matshwaho; ha o fele ka ona kaofela, ha re ipitseng fela bakreste, kamora hae eo ditumelo tsa rona di tswang ho yena".The Life of Martin Luther ka M. Michelet. Leqephe 262.

SELALLO SA MORENA

Ka tlasa metsamao ya Baapostola ba susumeditsweng, kereke ya kgale e ne e kopana letsatsi la pele la beke ka mehla yohle ho roba bohobe. "Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulose ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo". Ba ne ba kopana ha kae! Kamehla yohle ha e ne e le letsatsi la pele. Hape le Baheberu 10:24, 25 re a bala: "A re lebelaneng, re tle re isane ka tjeseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra nga la diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng: re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.

Katiso ena ya kereke e sa holeng e qetelletse e fetotswe ka tshusumetso ya Apostasy, ha banna ba ne ba tloha dithutong tsa Baapostola ba kenya tsa bona.

Empa leano la Kreste le ntse le kopanya: le Bakreste kajeno, le Bakreste ba dinako tsa pele, ba ne ba ena le kopano ka letsatsi le leng la pele la veke, letsatsi la morena, le morena wa hae mo tafoleng ya morena.

"Ka moqebelo wa o pele ka letsatsi la mopresidente Garfield, Washington jwaleka mopresidente, leloko la kabinete a kopa hore kopano ya kabinete e bitswe ka hora ya leshome hoseng (10 a.m.) Letsatsi le hlahlamang ho tshosa ka mathata a tshositseng koduwa. Garfield o hanne motheohong o mong wa kopano. Leloko ka kabinete la hatella. Garfield a dula a ntse a hanana jwale ka boitlamo ba pele. Hape moetellipele wa kabinete a hatella hore mathata ka kakaretso a re a le jwaloka lebitla le bohlokwa moo e leng hore a tshwanetseng ke ho roba batlamo ba pele. Garfield a hana leloko la kabinete la bea mantswe a reng "Ke rata ho ba le kgahleho ho tseba hore ke mang o ne o ka bang le boitkamo lselekane ha bohlokwa hore e se ke ya ba ya robeha." Garfield a fetola: "Ke tla tshepahala jwaleka ha o le jwalo. Boitlamo ba ka le Modimo wa ka ho kopana le yena ntlong ya hae le tafoleng ya hae ka metsotso e Mashome a mararo pele ho hora ya leshome le motso o le mong (10:30) hosane, ke tla ba moo". One a le moo. Koduwa e ile ya feta. Setjhaba se ile sa phonyoha. One a tshepahala tshepisong ya hae. (I Bakorinthe 11:23-30) - C.J. Sharp.

Ho tleng tafoleng ya Morena e se ke ya ba nthonyana fela, e ka se ka se ke ya ba moetlo; e ka se ke ya ba ntho e ka nkwang tlhokomelong ka tsela e lokelehileng. E tshwanetse ho ba nako ya ho kopana le molopolli ya halalelang, nako ya boikokobetso hape le ho itekola bowena, mosebetsi wa peninente e tliswa teroneng ya mohau, bonolong ba mollo wa semoya dipelong tsa rona, ho ntjhafatseng tshepo ya rona ho Kreste, qalo ya ntwa ya tumelo ya rona, boinehelo bo botjha ba maphelo a rona ho morena, ho hetla morao "kalefari," ho sheba hodimo bophelong, hape le pusong ya morena, le ponelo pelo ho tleng ha kganya ‘ ya hae hape. Ho monate jweing ha re tlo kopana mmoho tafoleng ya morena ka letsatsing la hae!

KORONI YA BOPHELO

"O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo." Tshenolo 2:10

Ke kile ka letsatsi le leng ka bona letshwaho kantle ho lebenkele le tshwereng molaetsa; "Kamora matsatsi a mashome a mane a katleho, ke ile ka nka qeto ya ho tsamaya." E mong a ka tlohela e le monna wa kgwebo, empa jwale ka bakreste, e mong o tshwanetse ho lwanela botle ha fela bophelo bo ntse bo le teng le lebaka keho apesa. Ka dinako tsohle tsa ho kgeloha ha tsela, satane o a hweletsa ditsebeng tsa rona, "TSAMAYA!" Ba bang ba tshepahala ho fihlela maikutlo a bona a ba hohloko; ba bang ba tshepahala ha fela ba ka ba le tsela ya bona; ba bang ba tshepahala ho fihlela ba e ba bohloko; ba bang ba tshepahala ho fihlela "tse ding ho se utlwisise ho ho nyane"; ba bang ba tshepahala ho fihlela ba etse hampe, ba lokile kapa ba sa loka; ba bang ba tshepahala ha nyane ho batla ba kgothalo; ba bang ba tshepahala ho fihlela ba lla ka "ho thetsuwa ke maruo" kapa "kgothalo ya lefatshe"; ba bang tshepahala ho fihlela lefatshe le qala ho ba qhelela ka thoko hape le ho utlwisa bohloko. Empa Beibele e baleha tjena: "Tshepahala ho isa lefung."

"Haebe ka letsatsi la kahlolo bao ba emeng ka letsohong le letshehadi la setulo ba tla arolwa ka dikarolo, ho tla ba le banyefodi, bafebi, ba ratang leshano jwalo-jwalo; empa moo ho tla ba mokga wa ba ‘lokileng.’"

"Ya beang letsoho la hae mohomeng, mme a boela a hetla, ha a tshwanele mmuso wa Modimo." Luka 9:62. "..., empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha." Mattheu 10:22. Re ka se ra atleha ho tswa boemong ba lefatshe, empa re tshwanetse ho tshephala; "ihlile, tshepahalo ke katleho." Re tshwanetse hoba le moya wa kutlwelo bohloko o jwalo ka wa George III ha a re: "Nka fana ka koroni ya ka, ka tlohela puso; nka ke be ka roba, nka tlohela paleising ya ka, ka dula ntlong e nnyane; nka bea hlooho ya ka lejweng, ka tlehela bophelo baka; empa nke ke be ka roba tumelano ya ka." Bekreste ba tshwane ho dula ba na le nnete ho Kreste le ha e batla bohohle ba bophelo ba hae. Ho boletswe ke Polycarp hore ha a ne a tliswa pela moahladi, le ho laelwa ho buwa hampe le ho rohaka kapa ho nyefola Kreste, o itse: "Dilemo tse mashome a robedi a nang le metso e tsheletseng ke mo sebeletsa, ha a ka a nketsa hampe; nka rohaka jwang morena wa ka, yena a mpholositseng? Ke moo a ileng a lahlelwa mollong a utliswa hohloko ka baka Kreste, morena wa hae. "Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe." Baheberu 12:4

Ba tshepetseng ho Kreste ba tla fumana Koroni ya bophelo, bophelo bo sa feleng le Kreste, motsohi, mokganyi, mmele o hlwekileng, keno lefatsheng moo "Modimo a tla phumoleng keledi enngwe le e nngwe mahlong a bona, lefu le ke ke la ba teng hape, ha ho sa tla ba le ho swaba, kapa ho bokolla, kapa bohloko." Tshenolo 21:3,4 - Johanne 14:1-3; Bafilipi 3:20,21; I Bathesalonika 4:13-18; I Bakorinthe 15:50-58.

SEMEMO

"Moya le monyaduwa ba re, Tloo! Le ya utlwang a ke a re, tloo! Le ya nyorilweng a atle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo." Tshenolo 22:17.

Motswalle wa ka ya ratehang, memo ya evangedi e tla ho wena. Jesu o eme mohyakong wa pelo ya hao o a kokota, empa mokokoto o ka hare. Ana o ka mo amohela?

KOLOBETSO LE MOYA O HALALELANG

2698 Sotho

J. CONLEY

Lentswe lena kolobetso kahare ho Beibele le bolela ho kengwa kapa ho titjwa. Ho fafatsa ho ke ke ha nkuwa e le kolobetso kahare ho Beibele. Ho fafatsa ho senya leano la lefu, lepato ya fafu. Thutong ena ha re bua ka kolobetso re bua ka ho inolwa. Ha motho a inolwa ho ya ka Beibele, motho o beha tshepo ya hae lefung, lepato le tsoho ya Kreste. Hape e mong ya inotsweng o thabela lefu la sebe, lepato la motho wa kgale le tsoho bophelong bo botjha ho Kreste. Tsena tsohle di a tloswa ka ho fafatsa.

E Seng Mosebetsi:

Kolobetso kahare ho Beibele ha e so ka e bitswakapa ho nahanwa e le "mosebetsi". Batho kajeno ba e bitsa "mosebetsi", empa Beibele ha e re jwalo. Ho Bakolose 2:12 re bala.

"Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo omo tsositseng bafung."

Le Bagalata 3:26-27.

"Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste. Hobane lona bohle ba kolobedisweng ho Kreste le apere Kreste."

Kolobetso ke "tumelo ho sebetseng ha Modimo." Kolobetso ke tumelo eo re ikapesang ka yona ka ho loka ha Kreste le ho ba "bara ba Modimo". Kolobetso ha e pholoso. Ke tumelo lefung, lepato le tsoho e kgonang ho photosa.

Kolobetso Enngwe Feela:

Ho na le kolobetso e le nngwe feela kajeno ho ya ka lengolo. Baefese 4:4-6 e re:

"Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona, Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe, Modimo o mong le Ntate."

Hona le dikolobetso tse ngata tse boletsweng Beibeleng, e leng; kolobetso ya tshotleho, kolobetso ya Johanne, le kolobetso ya Moya o halalelang, le mollo. Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le kolobetso e le nngwe e neng e setse ha Paulose a ne a ngolla Baefese. (Kolobetso ya Moya o halalelang e tla qoqwa kamorao karolong ya Moya o halalelang). Kolobetso ya Bakreste ke kolobetso e le nngwe e tshepisitsweng batho kajeno. Ditshepiso ke "tshwarelo ya dibe le dineo tsa Moya o halalelang". Diketso 2:38.

Kolobetso Bakeng la Tshwarelo ya Dibe:

Metsi a kolobetso ha se ona a pholosang kapa ho tlosa dibe. Madi a Kreste ke ntho e le nngwe eo e ka kgonang ho tlosang dibe. Madi a Kreste le kolobetso di kopana jwang, di tla hlaloswa kamorao. Diketso 2:38 e re:

"Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o halalelang."

Diketso 22:16 e re:

"Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena."

Mangolo ana a ke ke a bolela bonyane bo bong le bo bong kantle le seo a se bolelang, le ha hole jwalo, a kanna a bolela haholwanyana leseding la a mang a mangolo. Lengolo le tlatsang haholo ka lesedi ditemaneng tsena ke Baroma 6:3-11 a reng:

"Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeditswe lefung la hae na? Ka baka leo re ile ra patwa le yena ka ho kolobetswa lefung, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha."

"Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae, re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe. Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng, Mme jwale, ha re shwela le Kreste, re a dumela le hona bobane re tla phela le yena, re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena. Hobane ho shweng ha hae, o shwele hang ka nqa ya sebe; ,,e ho pheleng ha hae, o phelela Modimo. Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste."

Ha e mong a kolobeditsweng ka mangolo o "O kolobeditswe ho Jesu Kreste." O kolobeditswe lefung la hae." Jesu o neheletse ka madi a hae. Johanne 19:33-34 e re:

"Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo. Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka ler umo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona."

Tsohle diketso tse bolaileng Jesu di ile tsa mo etsa hore a tsholle madi a hae. Lefung la hae Jesu o fanne ka Madi a hae. Kolobetsong re kolobetswa lefung la hae "kolobetswa lefung la hae" moo Jesu a tshollotseng madi a hae.

Beibele e bolela hantle hore: "Ho patwa le yena ka kolobetso." "Ha ho jwalo ka yena", "Ha ho jwalo" jwaloka "yena" habe ha se bakeng "sa hae." Beibele e re "ka yena," "ka," ho bolela ho kopano kapa ho ba ngatana e le nngwe. Temaneng ya bohlano (L 5) le leng la lentswe le sebediswang, "Hoba ha re kopantswe le yena lefung le tshwanang le la hae." Ka kolobetso re dumela lefu la Kreste le nke sebaka sa lefu leo re neng re tla le fumana ka baka la dibe tsa rona, Baroma 6:23. Kopanong lefung moo madi a hae a tshollotsweng, madi a tlositse dibe.

Ha hona le a le mong a ka qalang bobhelo bo botjha ho fihlela dibe tsa hae di tshwarelwa. Baroma 6:3-11 e qolla hore ha e mong a tsoha kolobetsong o tsohela ho "tsamaya bopgelong bo botjha. Bophelo bo emong. A bo phelang kamorao ho kolobetso o phelela Modimo. Kolobetsong motho e eba "sephedi ho Modimo Kreste Jesu." Hape, "ha re shwele le Kreste," re dumela bore re tla phela le yena.

Bala Bagalata 3:27 hape "Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste," Bao ba kolobeditsweng ho Kreste," ba se ke ba itshepela ho lokeng ha bona ka pholoso empa ba apere Kreste. Kresteo fetohile ho loka ha bona hape ba ikapesitse ho yena ka pholoso. Batho ba kolobeditsweng ho Kreste ba beile "tumelo" ya bona ho sebetseng ha Modimo, ya mo tsositseng lefung," Bakolose 2:12.

I Petrose 3:21 e re:

"Ke hoo kolobetso e re pholosang jwale." E seng e hlatswang ditshila tsa mmele, kolobetso, "ho itlama ha letswalo le letle ho Modimo, ka tsoho ya Jesu Kreste."

Motho e mong a ka ba le letswalo le letle jwang baebe o ntse a le dibeng tsa hae? Kolobetso e lalwekisa letswalo la rona hobane tshwavelo ya dibe e etla ka kolobetso ho tswa lefung, lepato le tsoho ya Kreste.

Leshodu Sefapanong:

Potso e dula e hlaha kamehla yohle, "Leshodu le sefapanong lona"? Ha hona kgatisetso ka yena ho kolobetsweng hape Jesu o bolelletse hore o tla ba le yena Paradeising. Karabo potsong ena e fumanwa ho Baheberu 9:15-17 moo e reng:

"Ke ka baka leo Kreste e le mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le Kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng. Hobane moo Testamente e Teng, eka kgona lefu la moreri wa yona le pakwe. Etswe taba tsa Testamente di na le ho etsahala ha monga yona a shwele, empa moreri wa yona ha a sa le teng, ha ho etswe letho ka yona."

Leshodu sefapanong ha le a la phela katlasa Testamente e Ntjha empa katlasa ya kgale. O shwele pele ho Testamente e Ntjha e eba teng. O shwele katlasa molao e seng katlasa mohau. Ha madi a Kreste a ne a tshollwa hape "lefu la hae la eba teng," Thato e ntjha ya eba teng. Testamente e Ntjha batho ba tshwanetse ho "sokoloha le ho kolobetswa ka lebitso la Jesu Jreste bakeng la tshwarelo ya dibe, le ho amohela neo ya Moya o halalelang".

MOYA O HALALELANG

Testamenteng e Ntjha Moya o Halalelang o ile wa newa motho ka ditsela tse tharo tse fapaneng. (1) Ho tswa lehodimong, Diketso 2:1-5, (2) Hodima matsoho a Baapostola Diketso 8:17-18 le 19:6-7 hape (3) Kolobetsong, Diketso 2:38 le 19:2-5. Hona le lebaka la bohlokwa ho e nngwe le e nngwe le tabataba hobaneng Moya o halalelang o neilwe ka mekga e fapaneng ho batho ba fapaneng.

Kolobetso ya Moya o Halalelang:

Diketso 1:1-5. Jesu o tshepisa Baapostola hore ba tla amohela matla ho tswa lehodimong pele ho matsatsi a mangata. Baapostola ba ne ba 7shwanetse ho ema Jerusalema ho gihlela ba fumana matla ana. Diketso 1:5 e re:

"Hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka moya o halalelang ha ho fetile matsatsi a se makae"

Jesu o tshepisitse Baapostola sena hape ke bona ba o umohetseng. Karolong ya ho qetela ya Diketso, kgaolo ya pele, badumedi ba ile ba kgetha e mong ho nka sebaka sa Judase ho eba Baapostola ba leshome le metso e mmedi. "Eo a neng a kgethilwe e ne ele mathiase hape o ile a ballwa le Baapostola ba leshome le motso o mong." Ho qala ka kgaolo ya bobedi "Ba ne ba le bohle tulong e le nngwe." Ho totobetse lentswe "ba ne" le bolela Baapostola, hobane ke lentswe le pela lentswe le bolelwang.

Bopaki bo tswellang ke hore: "Petrose, a eme le ba leshome le motso o le mong," e seng ba lekgolo le nang le mashome a mabedi, Diketso 2:14. Lebaka ke hore ba lekgolo le nang le mashome a mabedi ha ba ka ba amohela Kolobetso ya Moya o halalelang. Hape, Diketso 2:43, "meeka le mehlolo e le ya etswa ke Baapostola." Baapostola ke bona feela ba ka etsang mehlolo yohle ho fihlela kgaolong ya botshelela ya Diketso ha "peho ya matsohe" ho nka karolo. Le ha ho le jwalo Baapostola ba ne ba etsa meeka le mehlolo, Modimo o ne a ntse a fana ka Moya o Halalelang ho bao ba dumelang, Diketso 2:38 le 5:32.

Kolobetso ya Moya o Halalelang e tlile ho tswa lehodimong e feheleditswe ke "modumo wa moya o matla", hape ho ile ha hlaha ho bona maleme a jwaloka ka mollo, a fuwa le ho dula hodima e mong le e mong." Ba ile ba qala ba buwa ka maleme a fapaneng hape. Ho etsahalang ha Moya o Halalelang o etla, o bonahala le ho bonwa. Diketso 2:33 e re: "Moya o halalelang, o tshollohetse sena seo le se boneng le seo le se utlwileng."

Kgatiso e nngwe ya ho tla ha Moya o Halalelang ka tsela ena o hatisitswe bukeng ya Diketso 10:44-48.

Hona ho tlile ho tla netefatsa ho Bajuda hore Badithaba ba tshwanetse ho amohela Evangedi jwaleka ka Bajuda. Re a tseba hore sena ke seo se etsakhetseng ho Diketso 2, ka lebaka la Diketso 11:15. Etrose o ikamahanya le maikarabelo ho Bajuda o re: "Eitse ke qale hp bua Moya o Halalelang wa dula hodima bona jwaloka ka ho rona ho tloha qalong." Qalong Moya o Halalelang o ile wa tla o laetswe ho tswa lehodimong, ka modumo o moholo wa moya ha hlaha maleme a jwaloka malakabe a mollo. Maikarabelo a ho Diketso 10 a ballwa ho tloha dilemong tse supileng kamorao ho maikarabelo a ngodilweng ho Diketso 2. Petrose ha a so ka a bona sena ho tloha ka Pentekosete, dilemo tse supileng pele, "Hobane o itse Moya o Halalelang o theohetse hodima bona jwalokaha sona tshimolohong." Bajuda ba pele ba amohetse Moya o Halalelang ka tsela ena le Baditjhaba ba pele ba amohetse Moya o Halalelang ka tsela ena. Modimo ha se mohlomphi wa batho.

Moya o Halalelang ka Peho ya Matsoho a Baapostola:

Kgaolong ya botshelela ya Diketso mosebetsi wa thero le ho tsamarisa thepa ho ile ha eba o moholo bakeng la Baapostola. Ka baka leo banna ba supileng ba ile ba kgethwa ba neng ba tletse ka Moya o halalelang" hape ba ne ba bewa pela Baapostola ba bona. Baapostola ba ile ba ba "rapella" ba "bea matsoho" hodima bona. Bukeng ya Diketso 6:8 e re: "Re bala hore Stefane" (e mong wa ba supileng), o ile a "etsa meeka le mehlolo kahare ho batho." Mehlolo e hatisitswe temaneng ya bosupa. Diketso 5:12 ke matsoho a Baapostola a ent sengmehlolo feela. Empa kgaolong ya botshelela, kamorao ho peho ya natsoho a Baapostola ba bang ba ile ba Qala ba etsa mehlolo.

Leha Filipi a ne a ka etsa mehlolo ena, o ne a ke ke a o fetisetsa ho Basamaria. Leha ho le jwalo Diketso 8:14 ha Baapostola ba utlwe hore Samaria e amohetse Evangedi ba ile ba romela Baapostola Petrose le Johanne ba ileng "ba ba rapella hore ba amohele Moya o halalelang hoba o ne o so ka o wela hodima le a le mong, empa ba kolobeditswe ka lebitso la Morena Jesu. Jwale bona "Baapostola ba ile ba ba bea matso ho yaba ba amohela Moya o halalelang." Diketso 8:18. "Simone o ile a bona hove Moya o halalelang o ile wa fuwa ka baka la peho ya matsoho."

Kiketso 19:6-7 Paulose o be ha matsoho hodima banna "ba leshome le metso e mmedi" bao e neng e le barutuwa ba pele ba Johanne hape Moya o halalelang o ile wa tla bodima bona, ba ile ba buwa ka diteme mme ba porofeta." Paulose a bonahatsa Boapostola ba hae3 bukeng ya 1 Bakorinthe 9: 1-2.

Tlhaloso:

Hobaneng Moya o Halalelang o nehetswe ka me kga ena e mmedi? (1) Kolobetso ya Moya o Halalelang le (2) Moya o Halalelang ka peho ya matsoho a Baapostola. Bobedi bo tshwere meeka le mehlolo ka hare ho tsona. Bobedi bo dumella moamoedi ho etsa o le mong kapa e mengata mehlolo, jwaleka diteme, profeta kapa ho fodisa. Karabo 1 Bakorinthe 13:8-13, Ha e mong a bala 1 Bakorinthe, o tshwanetse ho hopola hore. Kgaolo 12, 13, le 14 di sebetsana le dineo tsa Moya o Halalelang. 1 Bakorinthe 13:8 Paulose o re:

"Athe ha e le boporofeta, bo tla fela leha e le dipuodi, tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela."

Paulose o re bollela ho ditemaneng ya borobong le ya leshome ( 9 & 10) ha tsena di tla rtsahala:

"Hobane tsebo ya rona ha e ya phethahala hape le boporofeta ba rona ha ba phethahala; empa ha tse phethahetseng di etla tse sa phethahalang di tla feta."

Phethahalo ho boela ho felella kapa ho tlala ha ho sa tla hlola ho e ba teng. Beibele e felletse kapa e phethahetse. Johanne o qetelletse buka ya Tshenolo ka 95 A.D. ha hona dibuka tseo di ilweng tsa eketswa mohlang oo. Beibele e Phethahetse. Ena le ditaba tse bokelleditsweng tseo e mong a batlang ho tseba ka Modimo. "Molao wa tokoho" kapa Beibele o bitswa phethahalo ho Jakobo 1:25.

Leha Beibele e phethahetse ho vona Baapostola hape le bao ba rutileng ka ho se qeaqehe ba ne base na Testamente e Ntjha. Mehlolo eo ba e fumaneng ho tswa ho Moya o halalelang e ne e tshwanetse ho thusa ho fihlela "phethahalo" kapa Testamente e ntjha e felletse. Mehlolo ena e ne e le karolo ya kgolo ya kereke e nyane hore e be e hodileng, I Bakorinthe 13:11.

Testamente e Ntjha, ha e ne e qetilwe, e ne e tla bontsha motho a le jwalo, 1 Bakorinthe 13:12 hape le Baheberu 4:12-13. Ha Testamente e Ntjha e ne e qetwa boprofeta le tsebo ( tshusumetso ho ho ngola lengolo) "feta", hape le "maleme" a ema.

Sena hape se bontshahaditswe ho tse fetileng. Baholo ba kereke (ba e neng e le dipaki tsa Baapostola kapa e ne e le metswalle ya eo a neng a le teng) ba hatisa hore meeka le mehlolo e ile ya ema ka qetello ya dinako tsa bobedi (150 - 200 A.D.) Johanne e ne e le Moapostola wa ho qetela ho shwa nakong tse ka bang 95-97 A.D. Mang le mang eo Johanne a neng a bea matsoho a hae hodima hae e ne e le wa ho qetela wa ho etsa mehlolo. Mehlolo e ne e sa hlole e hlokahala. Testamente e Ntjha e (phethahetse). Hape le yona kereke e tswa lesea le sa tswa tswalwa Jerusalema ka Pentekosta lefatshe ka kakaretso, Bakolose 1:23.

Dineo tsena tsa Moya di ya hlaloswa mangolong a mang jwaleka 1 Timothea 4:4 le 5:22. Ho 2 Timothea 1:6 Paulose o hlokomedisa Timothea "ho tsosa mpho ya Modimo e leng ho wena ka peo ya matsoho (Paulose le Baapostola)."

Ha Paulose a ngolla Bakorinthe o bua ka dimpho tsa Moya (mehlolo, diteme jwalo-jwalo). Le ha ho le jwalo, ho ngolleng Baroma, kereke eo e neng e sa qalwa ke Moapostola, Paulose ha a bue ka dimpho tsena. Baroma ba ne ba ena le Moya o halalelang ho ya ka Baroma 5:5, empa Paulose o labalabela ho ba bona "a kenye tse ding tsa dineo tsa Moya ho ba nea matla" bona, Baroma 1:11. Ba ne ba se na dineo tsa mehlolo hobane ha hona Moapostola ya neng a le moo ho bea matsoho.

Moya o halalelang o fuweng ka kolobetso.

Ho Diketso kgaolo ya bobedi kolobetso ya Moya o halalelang e lle ya tla ho Baapostola. Ba ile ba baka ka mesebetsi e makatsang ya Modimo. Petrose o ema le Baapostola ba leshome le motso o mong a bolella batho ka Jesu. Petrose o buile ka ho shwa ha Kreste, lepato le tsoho bafung le hore Jesu p ne a le letsohong le letona la Modimo iketso 2:37 e re:

"Eitse ha ba (batho) utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho Baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?

Diketso 2:38-39 e fana ka karabo ya Petrose.

"Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o halalelang. Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona."

Batho bana ba bolletswe hore kolobetsong ba tla amohela tsgwarelo ya dibe le ya neo (e seng dineo) tsa Moya o halalelang. Modimo o nea Moya o halalelang ho bao mo obamelangh, Diketso 8:32, empa meeka e ne e neilwe feela Baapostola ho fihlela ho Diketso 6 hape le ho bao Baapostola ba ba beileng matsoha. Ho Diketso 2:39 Petrose o re: "Hobane Pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofrls, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona Pallo ke tshwarelo ya dibe, le dmeo tsa Moya o halalelang kolobetsong. Pallo e ne e le ya bao ba utlwileng Petrosem bana ba bona le ba leng hole kaofela. Leha re le hole," le Pentekosta kapa ho ba Bajuda, Pallo e ntse e le ya rona. Pallo ya rona ho Modimo ke eo ntse e le ya rona. Pallo ya rona ho Modimo ke eo re tla e amohelang "tshwarelo ya dibe le neo ya Moya o halalelang kolobetsong."

Ho Diketso 19:1-7 Paulose o botsa ba rutuwa ba Johanne, "Na le amohetse Moya o halalelang mohlang le dumelang na?" Ha ba eso ka ba utlwa hore Moya o halalelang o teng. Paulose a boela a botsa, "Le kolobeditswe ka kolobetso efe na?" Ha ba so ka ba amohela Moya o halalelang hobane kolobetso ya bona e ne e fosahetse. Banna banna ba kolobeditswe ka kolobetso ye Johanne mokolobetsi. Kolobetso bakeng la tshwarelo ya dibe le neo ya Moya o halalelang o ne o le bohlokwa. Kamorao hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu bakeng la dipallop tsena, Paulose o ile a bea matsoho a hae hodima bona ba ile ba tseba ho bua ka diteme le ho porofeta.

Diketso 8:4-25, Philipi o entse meeka le mehlolo le batho ba ile ba dumela ba kolobetswa ka lebitso la Jesu. Ba ile ba amohela tshepiso ya Diketso 2:38. (tsheareloya dibe le neo ya Moya o halalelang). Leha ho le jwalo, batho ba Samaria ba ne ba sena dineo tse ka ntle tse bonahalang. Bas ne ba se na meeka e bonahalang ho fihlela Baapostola Petrose le Johanne ba bea matsoho a bona hodima bona. Phethahalo e ne e se ntle ha ba ne ba sena Moya o halalelang. Baroma 8:9 ere: "E mong ha a se na Moya wa Kreste ha se wa hae."

Diphetholelong tse ding tsa buka ya Diketso di hatisitswe hore batho ba kolobetswa. Mohlala ke kereke ya Ethjiopian eunuch, Diketso 8:36-40; Lydia le ba lelapa la hae, Diketso 16:11-16; le Phillipian jailer, Diketso 16:25-34. Bana bohle ba ile ba kolobetswa ka tumelo ya ditshepiso ho Diketso 2:38. Ha ho ne ho se jwalo ha se ba Kreste. Ha hona kgatiseletso ka bona ho amoheleng Moya o halalelang ka tsela e nngwe. E teng empa kolobetso e le nngwe e setseng ho Baefese 4:5. Kolobetso ya inelwa lefung la Kreste bakeng la tshwarelo ya dibe ho amohela dineo tsa moya o halalelang.

Mosebetsi wa Moya o halalelang maphelong o rina kajeno.

Pele ho tsohle Moya o halalelang "e leng lefa la rona ho fihlela le e fihlella." Gaefese 1:14. Mona Paulose o hlalosa hantle hore Nodimo o re tshwaile ka Moya wa ha e ho fihlela ka tsatsi le leng re ya lehodimong. Moya o neilwe Bakreste hore ba bone " hore ho phela dithorisong tsa kganya ya hae ho jwang." Bakreste ba tshwaile ka Moya o halalelang ho fihlela letsatsi la yopollo. Leha ho le jwalo, Moya o halalelang o ka swabiswa haebe Bakreste ba sa mo dumelle ho ba etella pele, Baefese 4:30.

Ha re hloke thuso ho tswa ho Moya o halalelang ka ho ngola lentswe la Modimo, empa re fela re hloka thuso ya Moya o halalelang ho o utlwisisa. Modimo o re tshepisitso hona ho 1 Bakorinthe 2:10-13. Lentswe la Modimo ke sesebesiswa se seholo seo Moya o se sebedisang hahare ho batho ho ba lemohisa ka dibe tsa bona, Baheberu 4:12-13. Sabole ya Moya ke Lentswe la Modimo, Baefese 6:17. Haebe motho a dumella Moya o halalelang ho mo etella pele ha a etse mesebetsi ya nama e fumanwang ho Bagalata 5:16-21. Ha Moya o halalelang o lo maphelong a rona o tla eketsa ditholwana tsa wona. Ditholwana tsa wona ke: lerato, thabo, kgotso, mamello, molemo, botshepehile boitshwaro.

Baroma 8:1-27 e re bolella ka botlalo lca mosebetsi wa Moya o hatellang ditakatso tsa nama. Hape e re bolella hore Moya o re thusa bofokoding ba thapelo ka ho etsa hala ha ditakatso tsa pelo e leng "ho hloka mantswe" (Hona ha se siteme hobane ke ho hloka mantswe.) Moya o lekola dipelo tsa rona hape o ntse o rapella bahalaledi ka mokgwa o ratwang ke Modimo."